Liboka Tsa Tšebeletso Tsa April
Beke e Qalang ka la 7 April
12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bolela lintlha tse ipuellang limakasineng tsa morao-rao. Kaha ena ke khoeli e khethehileng ea tšebeletso, khothalletsa bohle—ba banyenyane le ba tšoanelehang hore e ka ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang—hore ba kopanele tšebeletsong ea tšimo. Khothalletsa phutheho hore e habe ho finyella tlhōrō e ncha ea bahoeletsi.
15 mets: “Matšoele a Ntse a Eketsoa.” Lipotso le likarabo. Hlahloba litlhahiso tsa sehlooho tse akarelitsoeng ho Molula-Qhooa oa August 15, 1993, leqepheng la 12-17.
18 mets: “Thusa ba se Nang Phihlelo Hore ba Utloisise.” Lipotso le likarabo. Hlahloba litšobotsi tsa bukana ea Seo a se Hlokang: mokhoa o nolofalitsoeng oa ho ithuta, lipotso tse nakong, litšoantšo tse ipiletsang, litšupiso tse ngata tsa Mangolo. Hatella pakane ea ho qala lithuto tseo qetellong li lebisang bukeng ea Tsebo. E-re mohoeletsi ea tšoanelehang a etse pontšo ka mokhoa oa ho qala thuto a sebelisa katamelo e boletsoeng serapeng sa 4. Khothalletsa batsoali bohle ka phuthehong hore ba ithute bukana ena le bana ba bona ba banyenyane.
Pina 130 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 14 April
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Ha nako e lumela, ka bokhutšoanyane pheta liphihlelo tsa tšimo ea sebaka sa moo mabapi le ho tsamaisoa ha bukana ea Seo a se Hlokang kapa ho qala lithuto tsa Bibele ho sebelisoa eona.
15 mets: “Ho Lebisa Liithuti Mokhatlong o Tšehetsang Lebitso la Rōna.” (Serapa sa 1-6) Lipotso le likarabo. Bala serapa sa 5-6 le mangolo a qotsitsoeng. Pheta liphihlelo tsa sebaka seo ka boitšoaro ba liithuti tsa Bibele ha li bona video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name.
20 mets: “Ruta ba Bang Seo Molimo a se Hlokang.” Puisano le bamameli serapeng sa 1-4. Etsa pontšo ka linehelano tse serapeng sa 5, u sebelisa likemiso tse sa tšoaneng tse ’nè—seterateng, lapeng, sebakeng sa khoebo le serapeng sa boikhathollo. Hopotsa bohle hore ba nke liforomo tsa peeletso, libukana le limakasine bakeng sa tšebeletso ea tšimo pele ba tloha Holong ea ’Muso bosiung bona.
Pina 126 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 21 April
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlalosa hore nako e sa le teng ea hore ba ka tlisa kōpo bakeng sa bopula-maliboho bo thusang ka May. Hlahloba Lebokose la Lipotso, ’me u tsebise phutheho haeba ho hlokahala libuka tse itseng ho tlatsa laebrari e Holong ea ’Muso.
15 mets: “Ho Lebisa Liithuti Mokhatlong o Tšehetsang Lebitso la Rōna.” (Serapa sa 7-14) Lipotso le likarabo. E-re tichere e tšoanelehang e etse pontšo ea mokhoa oa puisano e mosa ea ho phetlelana lifuba le seithuti ka tlhokahalo ea ho ba teng libokeng.
15 mets: Ho Sebelisa Lingoliloeng Tsa Rōna ka Botlalo. Puo ka moholo. (Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1995, leqepheng la 5-6.) Litlaleho li bontša hore hangata liphutheho li odora limakasine tse ngata haholo ho feta tseo li hlileng li li abang khoeli le khoeli. Ho isa karolong ea 50 lekholong ha ho mohla e tlalehoang e le tse tsamaisitsoeng. (Bontša hore na lipalo-palo li bontša’ng sebakeng seo.) Ho etsahala’ng ka limakasine tsee? Tse ngata li qetella li le lishelefong kapa li lahliloe. See se ka qojoa joang? Mohoeletsi e mong le e mong o lokela ho lekanyetsa ka hloko tseo a li hlokang ’me a odore feela tseo a ka li tsamaisang. Itloaetse ho fa bohle bao re kopanang le bona limakasine. Se ke ua tlohella litokollo tsa khale tsa senyeha. Kopanela tšebeletsong ea limakasine kamehla.
Pina 128 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 28 April
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba tlise litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa April. Bolela mabitso a ba tlang ho bula maliboho ka May. Bolela litokisetso tse eketsehileng tse ntseng li etsoa sebakeng seo bakeng sa liboka tsa tšebeletso. Ka May ho lokela ho etsoa boiteko bo khethehileng ba ho latella moo ho tsamaisitsoeng bukana ka sepheo sa ho qala lithuto. Ka bokhutšoanyane etsa litlhahiso ka litsela tseo ka tsona re ka kōpang ka bohlale lebitso le aterese tsa batho bao re ba pakelang ka tsela e sa reroang. U ka fana ka lebitso le aterese tsa hao pele ’me u ba botse hore na ho na le nomoro ea thelefono moo ba ka letsetsoang teng. Mema bamameli hore ba fane ka litlhahiso tse ling tse ileng tsa sebetsa ho bona.
15 mets: “Ke Hobane’ng ha ba ho Etsa?” Moholo o buisana ka sehlooho sena le bo-pula-maliboho ba kamehla ba babeli kapa ba bararo. (Haeba ba le sieo, sebelisa ba atisang ho ngolisa e le bo-pula-maliboho ba thusang.) Akarelletsa le lintlha tsa sehlooho “Bo-pula-maliboho ba Fana ka Mahlohonolo Ebile Baa Amohela,” ho Molula-Qhooa oa January 15, 1994. E-re e mong le e mong a hlalose hore na ke hobane’ng ha a ile a nka tšebeletso ea bopula-maliboho. Ba kōpe hore ba phete liphihlelo tse bontšang kamoo ba ileng ba hlohonolofatsoa kateng ka ho etsa joalo.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho. Baholo ba ka sebelisa nako ena ho hlahisa boitsebiso ka litlhoko tsa phutheho tse khethehileng.
Pina 129 le thapelo e koalang.