Bontša Kameho ea Sebele Bakeng sa Thahasello Eohle e Fumanoeng
1 Haufinyane mosebetsi oa lefatše lohle oa ho bolela ka ’Muso o tla fela, ’me ka mor’a moo, bohle “ba sa tsebeng Molimo” ba tla timetsoa. (2 Bathes. 1:7-9) Ka lebaka leo, kameho ea sebele bakeng sa bophelo ba batho ba bang e susumelletsa batho ba Jehova ho finyella batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ka molaetsa oa ’Muso.—Sof. 2:3.
2 Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ho sebetsoa lihora tse limilione ho batloa ba batlang ho utloa “litaba tse molemo tsa se seng se molemonyana.” (Esa. 52:7, NW) Batho ba bangata ha ba bontšoa mpho ea lingoliloeng ea khoeli ena, ba ile ba etsa lipeeletso tsa Molula-Qhooa le Tsoha! kapa ba amohela likopi tsa limakasine tsena ka bobeli kapa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Kameho ea sebele ka batho bana e lokela ho re susumelletsa ho ntšetsa pele thahasello eohle e fumanoeng.—Liprov. 3:27.
3 Boloka Litlaleho Tse Nepahetseng: Ho tla finyelloa ho hongata haeba u boloka tlaleho e feletseng le e nepahetseng ea thahasello hammoho le lingoliloeng tse tsamaisitsoeng. Boitsebiso bo kang lebitso la mong’a ntlo le aterese, letsatsi le nako eo u mo etetseng ka eona, lingoliloeng tse tsamaisitsoeng le taba eo ho buisanoeng ka eona, li tla u thusa ho ba ea atlehang haholoanyane ha u khutlela. Hape, haeba u ngola tse ling tsa litlhaloso tsa mong’a ntlo tsa puisano ea lōna ea pele, u ka khona ho bua ka tsona hantle ha u qalisa puisano leetong la ho boela.
4 Potlakela ho Etsa Maeto a ho Boela: Ke ba bakae ho ba amohetseng lingoliloeng ho uena khoeling e fetileng bao u lekileng ho ba etela hape? Na ho se ho fetile libeke pele u iteanya le bona hape? Kameho ea sebele ka boiketlo ba bona ba ka ho sa feleng e lokela ho u susumelletsa ho khutlela kapele-pele kamoo ho ka khonehang, mohlomong nakong ea matsatsi a seng makae, ha ba sa ntse ba hopola seo le buisaneng ka sona. Ka ho khutlela kapele-pele ho ntšetsa thahasello ea bona pele, u ka khona ho thiba boiteko ba Satane pele ‘a e-tla ’me a tlosa lentsoe le ileng la jaloa ho bona.’—Mar. 4:15.
5 Tokisetso ke ea Bohlokoa: Ho atleha ha hao ho etseng maeto a ho boela ho itšetlehile ka ho toba ka tsela eo u lokisetsang hantle ka eona. Lokisetsa katamelo ea hao pele u khutlela. Leqephe la ho qetela la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1997 le fane ka linehelano tse ’maloa tse ka sebelisoang ka katleho ha u nehelana ka lipeeletso, limakasine kapa bukana ea Seo Molimo a se Hlokang. Ho latelang ke ho ba le likhopolo tseo u ka li arolelanang le bona ha u khutlela. U ka re’ng ha u ntšetsa pele thahasello? U ka qalisa thuto ea Bibele joang?
6 Ha u ntšetsa pele puisano e mabapi le se hlokahalang bakeng sa ho hloekisa lefatše le ho le etsa sebaka se molemo haholoanyane sa ho phela, u ka ’na ua re:
◼ “Ketelong ea ka e fetileng, re ile ra lumellana hore ho hlokahala hore ho nkoe mehato e potlakileng haholo pele lefatše le ka fetoloa paradeise ea khotso. Na u nahana hore batho ba na le se hlokahalang ho phetha mosebetsi oo? [Emela karabelo.] Ka kōpo hlokomela hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore Molimo a kenelle litabeng tsa batho.” Bala Pesaleme ea 37:38. Joale phetla thuto ea 5 bukaneng ea Seo Molimo a se Hlokang, ’me u sebelise likarolo tse khethiloeng tsa serapa sa 4-5 ho bontša kamoo Molimo a tla phethahatsa boprofeta bona kateng. Tsoela pele ho etsa tlhahiso ea thuto ea Bibele u sebelisa bukana ena.
7 Haeba le buisane ka ’Muso oa Molimo ’me u tsamaisitse bukana ea “Seo Molimo a se Hlokang” ketelong ea pele, ha u khutlela u ka ’na ua re: ◼ “Ha re ne re buisana nakong e fetileng, re ile ra khetholla ’Muso oa Molimo e le ’muso oa sebele o tla busa lefatše lohle. Bibele e bontša hore Kreste Jesu e tla ba ’musi oa oona. Na u bona melemo ea ho ba le mofuta o joalo oa ’muso le moeta-pele?” Emela karabelo. Phetla bukana ea Seo Molimo a se Hlokang thutong ea 6. U sebelisa lintlha tse khethiloeng serapeng sa 6-7 hammoho le setšoantšo se leqepheng la 13, bontša seo ’Muso oa Molimo o tla se etsetsa moloko oa batho nakong e tlang. Bala Daniele 2:44, ’me haeba ho loketse, kenyelletsa buka ea Tsebo le ho etsa tlhahiso ea thuto ea Bibele.
8 Haeba u fumane motho ea ileng a lumela hore malumeli a lefatše ke ’ona a baketseng moloko oa batho mathata, u ka botsa potso ena leetong la ho boela:
◼ “Na u kile ua ipotsa hore na re ka tseba joang hore na ke bolumeli bofe boo Molimo a bo amohelang? [Emela karabelo.] Bukana ena, Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? e fana ka matšoao a khethollang bolumeli ba ’nete.” Phetla thuto ea 13, ’me u totobatse lintlha tse hlano tse ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng serapeng sa 3-7. U ka tsoela pele ka ho re: “Ho phaella ho fumaneng bolumeli ba ’nete, re tlameha ho fumana seo Molimo a se hlokang ho rōna re le batho ka bomong.” Bala Johanne 4:23, 24. Ithaopele ho tla tšohla sena ka ho tsoelang pele. Phetla thuto ea 1 bukaneng ’me u bontše kamoo re ithutang kateng.
9 Ha u khutlela ho ntšetsa pele puisano mabapi le thabo ea lelapa, u ka bua se kang sena:
◼ “Ha re ne re qala ho kopana, ke ile ka arolelana le uena lekunutu la thabo ea lelapa, e leng ho sebelisa keletso e fumanoang Lentsoeng la Molimo, Bibele. Tabeng ea ho sebetsana le litlhoko tsa lelapa la mehleng ea kajeno, na ua lumela hore Bibele e siiloe ke nako kapa e sa ntse e le nakong?” Emela karabelo. Nehelana ka buka ea Tsebo. Phetla khaolo ea 2 ’me u bale mantsoe a qotsitsoeng serapeng sa 13. U sebelisa lintlha tse serapeng sa 3, etsa tlhahiso ea thuto ea lelapa ea Bibele.
10 Ka ho boloka litlaleho tse nepahetseng, ka ho lokisetsa hantle, le ka ho khutlela kapele-pele ho hōlisa thahasello ea bona, re ka bontša mofuta oa lerato la boahisani le tla ba hulela tseleng ea poloko.—Mat. 22:39; Bagal. 6:10.