Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/97 leq. 1
  • Bacha—Lipakane Tsa Lōna Tsa Moea ke Life?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha—Lipakane Tsa Lōna Tsa Moea ke Life?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Finyellang Lipakane Tsa Hao Tsa Moea Kateng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Nka Finyella Lipakane Tsa ka Joang?
    Tsoha!—2010
  • Iketsetse Lipakane Tsa Moea
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 6/97 leq. 1

Bacha—Lipakane Tsa Lōna Tsa Moea ke Life?

1 Jehova o tseba kamoo mosebetsi o nang le morero hammoho le lipakane tse ka finyelloang li leng bohlokoa kateng bakeng sa thabo. (Bona Genese 1:28; 2:15, 19.) Kajeno, Jehova o file batho ba hae kabelo ea ho bolela le ea ho ruta. Re boetse re na le pakane ea ho qetela ea ho fumana bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng. Ho sa le joalo, re lokela ho ipehela lipakane tsa moea tse re ntšetsang pele haeba re batla ho qoba ho sebeletsa lelea.—1 Bakor. 9:26.

2 Lipakane Tsa Sebele Bakeng sa Bacha: Bacha ba lokela ho ba le lipakane tsa puso ea Molimo tseo ba ka li finyellang ho latela matla a bona ka bomong. (1 Tim. 4:15) Bana ba bang ba banyenyane haholo ba ile ba finyella pakane ea ho pheta libuka tsa Bibele ka hlooho le pele ba tseba ho bala. Ka thuto ea lelapa, bana ba ithuta ho lokisetsa liboka e le hore ba ka finyella lipakane tsa ho fana ka litlhaloso tse nang le moelelo le ho ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ha bana ba tsamaea le batsoali ba bona tšebeletsong ea tšimo, ba ithuta ho kopanela ho faneng ka bopaki ha ba ntse ba hatela pele pakaneng ea hore e be bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Batsoali ba lokela ho hatella ho bana ba bona pakane ea boinehelo le kolobetso.

3 Haeba u mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, lipakane tsa hao tsa moea li akarelletsa eng? “U mpe u hopole ’Mopi oa hao” ka ho nahanisisa ka lipakane tsa bohlokoa bophelong. (Moek. 12:1; Pes. 71:17) Ke hobane’ng ha u sa be pula-maliboho ea thusang nakong ea phomolo ea sekolo? Na u kile ua nahana ka ho nka tšebeletso ea nako e tletseng u le pula-maliboho oa kamehla? Ho thoe’ng ka ho ithuta puo e ncha e le hore nakong e tlang u ka khona ho thusa sehlopha kapa batho ba buang puo esele phuthehong ea heno kapa sebakeng se seng? Ba bangata bao hona joale ba sebeletsang Bethele kapa bao e leng balebeli ba tsamaeang kapa baromuoa ba ile ba ipehela pakane ea tšebeletso e khethehileng ea nako e tletseng ha ba sa ntse ba kena sekolo. Ke hobane’ng ha u sa etse ntho e tšoanang le uena?

4 Ha u sa le monyenyane, ikitlaetse ka matla ho etsisa mohlala oa Jesu. Esita leha a le lilemong tse tlaase tse 12, o ile a bua ka lintho tsa moea ka bolokolohi. (Luka 2:42-49, 52) Ho ipehela lipakane tse molemo tsa ho etsa thuto ea botho, ho bala Bibele letsatsi le letsatsi le ho ba le botsoalle le Bakreste ba hōlileng libokeng le tšebeletsong, ho tla u thusa ho hōlisa tsebo ea ho ruta ba bang ka ’Muso oa Molimo ka tsela e tšoanang le eo Jesu a ileng a etsa ka eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela