Lenaneo le Lecha la Letsatsi la Kopano le Khethehileng
“Etsa Lintho Tsohle ka Lebaka la Litaba Tse Molemo” ke sehlooho sa lenaneo le lecha la letsatsi la kopano le khethehileng le qalang ka September. (1 Bakor. 9:23) Litaba tse molemo tsa ’Muso ke litaba tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse utluoang kajeno. Lenaneo lena le tla re thusa ho ananela tokelo e khethehileng eo re nang le eona ea ho ba bajari ba litaba tsena tse babatsehang. Hape le tla re etsa ba sebete hore re ’ne re tsoele pele ho bolela litaba tse molemo re sa khaotse.—Lik. 5:42.
Lenaneo lena le tla re bontša kamoo re ka sebelisang koetliso ea rōna ea puso ea Molimo ka botlalo kateng e le hore re ka finyella ho hoholo tšebeletsong. Re tla utloa ka ba bang ba entseng liphetoho e le hore ba ka atolosa tšebeletso ea bona, ho akarelletsa le batho ba bacha ba fanang ka sohle seo ba nang le sona hore ba ntšetse pele litaba tse molemo.—Bapisa le Bafilippi 2:22.
Puo ea sehlooho, e tlang ho neheloa ke sebui sa moeti, e tla hatisa tlhokahalo ea hore re lule re le “ba loketsoeng ke hore litaba tse molemo li behoe tlhokomelong ea rōna.” (1 Bathes. 2:4) Re tla thusoa ho bona hore haeba re batla ho boloka tokelo ea ho arolelana le ba bang litaba tse molemo, re tla tlameha ho tsoela pele ho finyella litlhoko le litekanyetso tsa Molimo le ho finyella litekanyetso tsa hae monahanong oa rōna le boitšoarong ba rōna. Mahlohonolo ao re a fumanang ka ho etsa sena le ’ona a tla totobatsoa.
U se ke ua fetoa ke lenaneo lena la bohlokoa. Ba sa tsoa inehela ba lakatsang ho kolobetsoa kopanong ea letsatsi le khethehileng ba lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang kapele-pele. Mema bohle bao u ithutang le bona hore ba be teng. A re lumelleng Jehova ho re matlafalletsa ho etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo ’me kahoo re phethe mosebetsi o moholohali ka koano ho Armagedone.