U Arabela Joang ha ho se Thahasello?
1 Ho hloka thahasello ke ho haelloa ke boikutlo bo mofuthu kapa maikutlo, ke bosieo ba thahasello kapa kameho. Ke bo bong ba boikutlo bo jeleng setsi haholo le bo thata haholoanyane boo re thulanang le bona tšebeletsong. U arabela joang boemong bo joalo? Na bo entse hore u khoehlise tšebeletsong ea hao? U ka bo hlōla joang e le hore u finyelle batho ka molaetsa oa ’Muso?
2 Pele, lekanyetsa lebaka leo batho ba leng tšimong ea lōna ba hlokang thahasello ka lona. Na mohlomong ke hobane ba soabisitsoe ke baeta-pele ba bona ba lipolotiki kapa ba bolumeli? Na ba ikutloa hore ha ho na tharollo ea mathata ao ba talimaneng le ’ona? Na ba na le khoao ka litšepiso tsa ho hong ho molemonyana? Na ha baa ikemisetsa ho nahana ka lintho tsa moea ntle le haeba ba bona melemo e bonahalang?
3 Totobatsa Tšepo ea ’Muso: Ha ho bothata boo ’Muso o ke keng oa bo rarolla. Kahoo, ha ho khoneha, re lokela ho bua ka litšepiso tsa ’Muso, re bolele lipolelo tsa sehlooho tsa Mangolo esita le haeba ho phetla temana ea Bibele ho sa khonehe kapa ho se bohlale. (Baheb. 4:12) Leha ho le joalo, ke joang re ka qalisang moqoqo re lebisitse ntlheng eo?
4 Batho ba lokela ho utloisisa morero oa ketelo ea rōna. Ho hlokahala hore ba hlokomele hore re tlile moo ka lerato la moahelani le kameho bakeng sa sechaba. Re ka ’na ra botsa potso e nahanisisitsoeng hantle e kang ena, “U nahana hore tharollo ke efe mabapi le [bothata bo amang sechaba]?” Haeba katamelo eo e sa sebetse, leka e ’ngoe.
5 Tšimong e ’ngoe ea barui moo beng ba matlo ba neng ba iphapanyetsa molaetsa oa ’Muso, bahoeletsi ba ile ba etsa boiteko bo tiileng ba ho fumana kenyelletso e neng e tla tsosa thahasello. Ha ba nehelana ka buka ea Tsebo, banyalani ba bang ba ile ba leka kenyelletso ena: “Na u ikutloa hore thuto e molemo ke ea bohlokoa bakeng sa katleho lefatšeng kajeno? Na ua lumela hore thuto e pharaletseng e ne e tla akarelletsa ho tseba Bibele?” Ka letsatsi le leng thapama, ba ile ba tsamaisa libuka tse tharo, e ’ngoe ea tsona ea tsamaisetsoa mosali eo hamorao a ileng a bolela hore o balile buka eohle ea Tsebo ’me a lumela ho ba le thuto ea Bibele.
6 Ha u thulana le ho hloka thahasello, leka likatamelo tse fapaneng, botsa lipotso tse etsang hore motho a nahane, sebelisa matla a Lentsoe la Molimo. Kahoo u ka nolofalloa ho thusa ba bang ho amohela molaetsa oa rōna o babatsehang oa tšepo ea ’Muso.