Ketelo eo e ka Bang Tlhohonolofatso
1 Zakiase o ile a amohela Jesu e le moeti ka tlung ea hae ka thabo e khōlō. ’Me ketelo eo e ile ea ipaka e le tlhohonolofatso e kaakang!—Luka 19:2-9.
2 Kajeno, Jesu Kreste joaloka Hlooho ea phutheho, o laela baholo ho ‘lisa mohlape oa Molimo.’ (1 Pet. 5:2, 3; Joh. 21:15-17) Ho phaella ho ruteng libokeng le ho etelleng pele tšebeletsong ea tšimo, balebeli ba phutheho ba fana ka thuso e lerato, ea botho ho litho ka bomong tsa phutheho. Ka lebaka leo, nako le nako o ka lebella ho fumana tlhokomelo ea botho e tsoang ho baholo, ebang ke lapeng ha hao, Holong ea ’Muso, ha le ntse le tsamaea hammoho tšebeletsong ea tšimo kapa maemong a mang. Na u lokela ho ikutloa u tšaba ketelo ea baholo? Le hanyenyane. Ho u etela ha bona ha ho bolele hore o na le bofokoli ka tsela e itseng. Joale, morero oa ketelo ea bolisa ke ofe?
3 Pauluse o boletse hore o ne a batla ho etela barab’abo rōna ‘ho bona hore na ba ne ba e-ea joang.’ (Lik. 15:36) E, joaloka balisa ba lerato, baholo ba thahasella haholo hore na u ea joang. Ba batla ho fana ka thuso ea moea e ka u thusang le ho u haha. Tlhokomelo e joalo ea botho ke seo Molisa oa rōna ea lerato Jehova a batlang hore e mong le e mong oa rōna a be le eona.—Ezek. 34:11.
4 Amohela Ketelo ea Baholo ka Thabo: Pakane ea Pauluse ha a ne a etela barab’abo e ne e le ho ‘ba fa mpho e ’ngoe ea moea e le hore ba tiisoe, le hore ho ka ba le phapanyetsano ea khothatso har’a bona.’ (Baroma 1:11, 12) Kaofela ha rōna re hloka khothatso ea moea matsatsing ana a thata a ho qetela, ’me ho hlokahala hore re tsoele pele re tiile tumelong. Ntle ho pelaelo karabelo ea hao e molemo leetong la bolisa e tla fella ka ho khothatsana.
5 Ananela melemo e mengata e tlang ho fumanoa mosebetsing oa baholo oa bolisa. Haeba ho e-na le taba e itseng kapa potso eo u amehileng ka eona, hopola hore baholo ba teng phuthehong bakeng sa ho u thusa. U se tsilatsile ho tšohla le bona lintho leha e le life tse ka ’nang tsa ama boiketlo ba hao ba moea. Ananela tokisetso ena e lerato e entsoeng ke Jehova ’me u thabele litlhohonolofatso tse ka e tlisang.