Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/98 leq. 8
  • Sebelisang Libukana ho Ipiletsa Kelellong le Pelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisang Libukana ho Ipiletsa Kelellong le Pelong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Libukana Tse Lekanang le Makasine Tse sa Tšoaneng Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Buella Libukana Tse Lekanang le Makasine Hore U Arolele ba Bang Tšepo ea Hao ea ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Buella Libukana tse Lekanang le Makasine ho Batla ba Thahasellang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 8/98 leq. 8

Sebelisang Libukana ho Ipiletsa Kelellong le Pelong

1 ’Nete ea Bibele e lokela ho boleloa ka tsela eo e tla ipiletsa kelellong le pelong. Ha Jesu a ne a qaqisetsa bamameli ba hae ’nete, o ne a khetha litaba tseo ba neng ba li thahasella le tse neng li ba susumetsa. (Luka 24:17, 27, 32, 45) Katleho ea tšebeletso ea rōna e itšetlehile haholo ka boiteko boo re bo etsang hore re tsebe litlhoko tsa moea tsa bamameli ba rōna.

2 Libukana e ka ba likofuto tse sebetsang bakeng sa ho finyella likelello le lipelo tsa bao re teanang le bona tšebeletsong. Nahana esale pele hore na ke bo-mang ba ka arabelang molaetseng oa bukana ka ’ngoe eo ho tla fanoa ka eona ka August:

—Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Batho ba futsanehileng kapa ba oetsoeng ke tlokotsi ba tla ananela molaetsa ona o tšelisang oa bokamoso bo se nang mahlomola.

—Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang? Bacha ba nahanang ka botebo ka bokamoso ba bona ba tla rua molemo likarabong tse thehiloeng Bibeleng tse fumanoang bukaneng ena.

—Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Litšoantšo tse ngata le mangolo a bontšitsoeng li tla thusa bana ba banyenyane le batho ba sa tsebeng ho bala hantle hore ba utloisise merero ea Molimo.

—’Muso O Tla Tlisa Paradeise. Motho e mong le e mong ea nang le kamano e itseng le puso a ka ’na a arabela molaetseng ona o mabapi le hore na ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata a boima a moloko oa batho joang.

—Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Batsamaisi ba bangata ba mapato ba thabela ho ba le likopi tsa bukana ena bakeng sa malapa a shoetsoeng. Bahoeletsi ba pakang mabitleng ba sebelisa bukana ena ho tšelisa ba llang. Barali babo rōna ba babeli ba ile ba atamela lelapa le leng la litho tse supileng le neng le rapela lebitleng. Ka lebaka la ho kopanela le lona molaetsa o tšelisang o tsoang bukaneng ena, ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le ’mè oa teng letsatsing le hlahlamang!

—Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? Molumeli ea thata-thata a ka ’na a arabela ’neteng e fumanoang ho pepesoeng hona ha thuto ea sehlooho ea Bokreste-’mōtoana.

3 Itloaetse bukana ka ’ngoe ’me u rere hore na u ka e sebelisa hamolemo joang tšimong ea heno. Bakeng sa tsela ea ho nehelana ka eona e entsoeng e le tlhahiso, bona leqephe le ka morao la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 1998. E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho finyella likelello le lipelo tsa batho.—Mar. 6:34.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela