Kamoo Litho Tsa Malapa li Sebetsang Hammoho Hore li Nke Karolo ka ho Feletseng—Libokeng Tsa Phutheho
1 Malapa a Bakreste a lokela ho ela hloko taelo ea ho bokana hammoho libokeng tsa phutheho. (Baheb. 10:24, 25) Ha ho e-na le tšebelisano e molemo, bohle ba ka atleha ho lokisetsa liboka, ho ba teng ho tsona le ho nka karolo. Maemo a malapa aa fapana, empa ho na le lintho tseo monna oa Mokreste, mosali ea lumetseng kapa motsoali a le mong ba ka li etsang ho khothalletsa lelapa ho ba ’moho litabeng tsa moea, ho sa tsotellehe hore na bana ba bakae ka lapeng le hore na ba lilemo li kae.—Liprov. 1:8.
2 Nkang Nako le Lokisetsa: Litho tsa lelapa sebelisanang ’moho ho bona hore e mong le e mong o itokiselitse hamolemo bakeng sa liboka tsa phutheho. Ba bangata ba ithuta sehlooho sa Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke hammoho. Ba bang ba lokisetsa Thuto ea Buka ea Phutheho hammoho kapa ba bala ’malo oa Bibele oa beke le beke e le lelapa. Pakane ea bona ke ho hopola lintlha tsa sehlooho pele ba e-ea libokeng. Ka tsela eo, bohle ba tla rua molemo o eketsehileng ho seo ba se utloang ’me ba tla hlomelloa ho nka karolo ha monyetla o hlaha.—1 Tim. 4:15.
3 Lokisetsang ho Nka Karolo: E mong le e mong ka lapeng o lokela ho iketsetsa pakane ea ho bolela tšepo ea hae ho ba bang ka ho araba libokeng. (Baheb. 10:23) Na setho se seng sa lelapa se hloka thuso kapa khothatso hore se etse see? Setho ka seng se hloka thuso ea mofuta ofe ha se lokisetsa lipuo tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Basali baa ananela ha banna ba bona ba nka bohato ba pele ’me mohlomong ba etsa tlhahiso e itseng ea papiso e loketseng kapa boemo bo ka sebelisoang. Ha ho hlokahale hore batsoali ba ikutloe ba tlameha ho lokisetsa likabelo tsa bana ba bona ba banyenyane. Ho etsa joalo ho ka khina matla a bana ba bona a ho iketsetsa lintho. Empa batsoali ba ka thusa bana ba bona ba banyenyane ’me ba mamela ha ba itlhakisa ba bua ka lentsoe le phahameng.—Baef. 6:4.
4 Lokisetsa ho ba Teng: Bana ba ka rutoa ho tloha bonyenyaneng hore ba apare le ho lokela ho tloha ka nako e behiloeng ha ba e-ea sebokeng. Litho tsa lelapa li lokela ho sebelisana ha li etsa mesebetsi ea ka tlung e le hore li se ke tsa lieha.—Bona litlhahiso tse bukeng ea Thabo ea Lelapa, leqepheng la 112 le ea Bacha Baa Botsa, leqepheng la 316-17.
5 Batsoali le bana ka ho tšoanang ba ka nahana ka mantsoe a Joshua oa boholo-holo, ea ileng a re: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.” Ka hona ikemisetseng ho nka karolo ka ho feletseng libokeng tsa phutheho.—Josh. 24:15.