Liboka li Ruisa Bacha Molemo
1 Ngoanana e mong e mocha o ile a re: “Ka linako tse ling ke nahana hore bacha ba ba le linako tse thata ka ho fetisisa bophelong. Re pota-potiloe ke batho ba etsang bohlola, ba sebelisang lithethefatsi le ba noang.” Na ke kamoo u ikutloang kateng? Haeba ho joalo, na u nahana hore u ka loantša tšusumetso ee e mpe ka bouena? U hloka tumelo, tumelo e matla ea hore litsela tsa Jehova li lokile, hobane ka ntle ho eona “ho ke ke ha khoneha ho mo khahlisa haholo.” (Baheb. 11:6) Ho ea libokeng tsa phutheho ho tla u thusa ho matlafatsa kholiseho ea hao ea Bokreste le boikemisetso ba ho qoba se sebe.
2 Liboka li na le ho Hongata Hoo li ka U Fang Hona: Ke eng e etsang hore lijo tse monate e be tse thabisang ha u e-na le metsoalle e haufi-ufi? Na hase motsoako oa lijo tse hahang le botsoalle bo thabisang ho iketliloe? Ke ’nete hore liboka tsa rōna li fana ka phihlelo e tšoanang e thabisang, empa e le ka kutloisiso ea moea.
3 Lintho tse buuoang libokeng ke tse hahang, ho tloha ka lintho tse amang mathata a bophelo a letsatsi le letsatsi ho isa ho ithuteng ka boprofeta bo hlollang ba Bibele. Ho fanoa ka taeo e sebetsang e u rutang mokhoa oa ho phela bophelo bo molemohali le ho tobana le liphephetso tse u tlelang. Metsoalle e fumanoang libokeng ke e molemohali ho feta kae kapa kae, ’me boemo ba moea ke bo thabisang le bo sireletsehileng. (Pes. 133:1) Hase feela mocha e mong a ileng a re: “Ke ea sekolong letsatsi lohle, ’me ke ntho e ntepeletsang. Empa liboka li tšoana le sebaka se setalana lehoatateng, moo ke khatholloang teng hore ke khone ho ea sekolong letsatsing le hlahlamang.” E mong o ile a re: “Ke fumane hore ho tloaelana haufi-ufi le ba bang ba ratang Jehova ho nthusa hore ke lule haufi le eena.”
4 Ka ho ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, u ithuta ho bokella boitsebiso ba Bibele, u bo bōpe u bo etse puo, ebe joale u nehelana ka bona ka tsela ea moqoqo ho bamameli ba Holong ea ’Muso. Nahana ka molemo oa ho koetlisoa hore u rute linnete tse pholosang bophelo tse Lentsoeng la Molimo ka mokhoa o bohlale! Ke hokae hape moo bacha ba ka fumanang koetliso e joalo ea bohlokoa?
5 Mokhoa oa ho Fumana ho Hongata Libokeng: Ho fumana molemo o moholo libokeng, ho na le lintho tse tharo tsa bohlokoa tse amehang. Ke ho lokisetsa, ho kopanela le ho sebelisa.
6 Li Lokisetse: Kamehla behella nako e itseng ka thōko ea hore u lokisetse liboka. U se ke ua lumella mosebetsi oa sekolo, mosebetsi oa nakoana, kapa mesebetsi ea boikhathollo hore e u amohe nako eo u e hlokang hore u hlahlobe boitsebiso bo tlang ho tšohloa sebokeng ka seng esale pele. Hoa thusa ho ba le kemiso e ntle. Ntho ea pele le e ka sehloohong e lokela ho ba ho tsamaisana le kemiso ea ’malo oa Bibele oa beke le beke oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ho hloka metsotso e seng mekae feela letsatsi le leng le le leng ho bala le ho thuisa ka likhaolo tse abetsoeng. Behella nako ea ho lokisetsa Thuto ea Buka ea Phutheho le Thuto ea Molula-Qhooa, ka thōko. Ba bang ba etsa sena bonyane letsatsi kapa a mabeli pele ho liboka tseo. Ka hohle kamoo u ka khonang, etsa se tšoanang le ka lipuo tse ling tse kemisong ea Seboka sa Tšebeletso beke e ’ngoe le e ’ngoe.
7 Kopanela ho Tsona: Bibele e bolela hore ha Jesu a le lilemo li 12, o ile a fumanoa a le tempeleng, a mametse, a botsa lipotso a bile a araba. (Luka 2:46, 47) Ka mantsoe a mang, o ne a kopanetse ka ho feletseng. U tla rua molemo haholoanyane libokeng ha u etsa boiteko ba hore u kopanele ho tsona.—Liprov. 15:23.
8 Ho hlokahala hore u tsepamise mohopolo ka hloko ho se rutoang libokeng. Ka linako tse ling ho mamela puo ho thata ho feta ho fana ka eona. Hobane’ng? Likelello tsa rōna li ka ’na tsa lelera ha ho bua motho e mong. U ka loantša see joang? Ka ho ngola lintlha. Ngola lintlha tsa bohlokoa tseo hamorao u ka ratang ho boella ho tsona. Ho ngola lintlha ho tla u thusa ho tsepamisa kelello lenaneong. Hape phetla mangolo haesita le ho tsamaisana hammoho le sebui ha se a bala.
9 Ho phaella moo, iketsetse pakane ea ho kopanela puisanong e ’ngoe le e ’ngoe ea lipotso le likarabo libokeng. U tla rua molemo le ho feta haeba u nahanisisa ka seo u batlang ho se bua. Liproverbia 15:28 e re: “Pelo ea motho ea lokileng e nahana karabo.”
10 Sebelisa Seo U Ithutang Sona: Bohato ba ho qetela ke ho etsa bonnete ba hore seo u ithutang sona ‘sea sebetsa ka ho uena.’ (1 Bathes. 2:13) Ha u sebelisa lintlha tse ntle tseo u ithutang tsona sebokeng se seng le se seng, u tla atamela haufi le Jehova Molimo. E tla ba oa sebele ho uena, ’me u tla latsoa thabo e khōlō le khotsofalo ha u ntse u “tsoela pele ho tsamaea ’neteng,” u e etsa ea hao.—3 Joh. 4.
11 Bara le barali babo rōna ba banyenyane, ha le ntse le lokisetsa liboka kamehla, le kopanela ho tsona, ’me le sebelisa seo le ithutileng sona, le tla thabela liboka ka botlalo. Ka nako e tšoanang, le tla rua melemo eohle eo le ka e fumanang ho tsona. Tumelo ea lōna e tla matlafatsoa, le boikemisetso ba lōna ba ho lula le tšepahala ho Ntate oa lōna oa leholimo, Jehova.—Pes. 145:18.