Bolelang Litaba Tse Molemo ka Tabatabelo
1 “Ke hlolohetsoe ho le bona . . . Taba-tabelo e teng ka lehlakoreng la ka ea ho bolela litaba tse molemo le ho lōna.” Ena ke tsela eo moapostola Pauluse a ileng a itlhalosa ka eona qalong ea lengolo la hae le eang ho barab’abo rōna Roma. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a labalabela ho ba etela? O itse: “E le hore nka fumana litholoana tse itseng le har’a lōna . . . Etsoe ha ke lihlong ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko.”—Baroma 1:11-16.
2 Pauluse o ile a bontša tabatabelo e tšoanang ha a bua le banna ba hōlileng ba Efese. O ile a ba hopotsa: “Ho tloha letsatsing la pele ha ke hata seterekeng sa Asia . . . , ke ne ke sa ithibe . . . ho le ruteng phatlalatsa le ka ntlo le ntlo. Empa ke ile ka paka ka mokhoa o phethahetseng ho Bajuda hammoho le Bagerike.” (Lik. 20:18-21) Tšimong eohle eo a neng a e abetsoe, Pauluse o ne a ikemiselitse ho hasa litaba tse molemo tsa poloko le ho fumana litholoana tsa ’Muso. Ke moea o motle hakaakang oo re ka o etsisang!
3 Re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ke bontša tabatabelo e tšoanang ka ho bolela litaba tse molemo tikolohong ea heso? Ho e-na le ho talima mosebetsi oa ho bolela e le tlamo feela, na ke labalabela ho arolelana litaba tse molemo le batho ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang? Na ka thapelo ke hlahlobile maemo a ka a botho? Na ke hlahlobile menyetla eohle e teng tšimong ea rōna, e kang ea ho bolela ka ntlo le ntlo, seterateng, libakeng tsa khoebo, ho paka ka thelefono le ka tsela e sa reroang?’
4 Kopanela ka Tabatabelo ka April: Khoeli ea April ke nako e ntle ea ho matlafatsa ho kopanela ha rōna mosebetsing oa ho bolela. Lihora tse fokolitsoeng tse hlokahalang li lokela ho nolofalletsa ba eketsehileng ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Mohlomong maemo a hao a tla u lumella ho sebeletsa u le pula-maliboho ea thusang ka April le May. Kapa mohlomong u ka khona ho ngolisa u le pula-maliboho oa kamehla, ka lebaka la lihora tse fetotsoeng tse hlokahalang. Haeba u mohoeletsi oa phutheho, na u ka qeta nako e eketsehileng ho feta kamoo ho tloaelehileng tšebeletsong khoeling ee le e tlang, u tšehetsa ba khonang ho bula maliboho? Hoo ho tla thabisa pelo ea Jehova!
5 Joaloka Pauluse, bahoeletsi ba ’Muso ba lokela ho tsoela pele ba bonahatsa tabatabelo ka ho hahamalla mosebetsi oa ho bolela. Ho etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ho tla re tlisetsa thabo ea sebele. Pauluse o ne a e-na le thabo ena tšebeletsong ea hae e halalelang. Re etsa hantle ho etsisa mohlala oa hae o babatsehang.—Baroma 11:13; 1 Bakor. 4:16.