Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/03 maq. 3-4
  • Bolela ’me U Fane ka Bopaki bo Phethahetseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolela ’me U Fane ka Bopaki bo Phethahetseng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Na re ka Boela ra ho Etsa?—Boipiletso bo Bong Hape Bakeng sa Bo-pula-maliboho ba Thusang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Bolela Hohle Makhabane a Hlomphehang a Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Na U ka Khona ho ba Pula-maliboho ea Thusang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 2/03 maq. 3-4

Bolela ’me U Fane ka Bopaki bo Phethahetseng

1 E le “moeta-pele le molaoli,” Jesu o ile a koetlisetsa barutuoa ba hae mosebetsi o moholo oa boboleli o neng o larile ka pele. (Esa. 55:4; Luka 10:1-12; Lik. 1:8) Moapostola Petrose o ile a hlalosa mosebetsi oo Jesu a neng a ba file ’ona ka mantsoe ana: “A re laela hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng ba hore Enoa ke eena ea laetsoeng ke Molimo hore e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.” (Lik. 10:42) Ho fana ka bopaki bo phethahetseng ho akarelletsa eng?

2 Re ka ithuta ho hongata ha re nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. Ha a ne a kopana le banna ba hōlileng ba phutheho ea Efese, o ile a ba hopotsa: “Ke ne ke sa tlohele ho le bolella leha e le efe ea lintho tse neng li le molemo kapa ho le ruta phatlalatsa le ka ntlo le ntlo. Empa ke ile ka paka ka mokhoa o phethahetseng ho Bajuda le Bagerike mabapi le pako ho Molimo le tumelo ho Morena oa rōna Jesu.” Le hoja Pauluse ka boeena a ile a mamella liteko, o ile a ikitlaelletsa ho finyella ba bangata kamoo a ka khonang ka litaba tse molemo. O ne a sa khotsofalle feela ho bolella bamameli ba hae linnete tsa motheo, empa o ne a batla ho ba bolella “morero oohle oa Molimo.” E le hore a finyelle sena, o ne a ikemiselitse ho ikitlaetsa ka matla le ho itela. O ile a tsoela pele a re: “Ha ke etse hore moea oa ka e be oa bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke o ratehang ho ’na, haeba feela nka qeta tsela ea ka ea peiso le bosebeletsi boo ke bo amohetseng ba Morena Jesu, ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.”—Lik. 20:20, 21, 24, 27.

3 Re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang kajeno? (1 Bakor. 11:1) Ka ho batla batho ba tšoanelehang le hoja le rōna re tobana le liteko, ka ho ikitlaelletsa ho finyella batho ba merabe le ba lipuo tsohle ka litaba tse molemo le ka ho khothalla ho hlaolela thahasello eo re e fumanang. (Mat. 10:12, 13) Sena se hloka nako, boiteko le ho rata batho.

4 Na U ka Sebeletsa U le Pula-maliboho ea Thusang? March le April e ka ba monyetla o motle oa hore u fane ka bopaki ka ho phethahetseng ka ho ba pula-maliboho ea thusang. E bile ho khothatsang hakaakang selemong se fetileng ho bona ba bangata hakaalo ba etsa boiteko bo khethehileng ho ba bo-pula-maliboho ba thusang!

5 Morali’abo rōna e mong ea lilemo li 80 ea fokolloang ke bophelo o ile a susumetsoa ke khothatso eo mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o neng o fane ka eona. O ile a ngola: “E ile ea hotetsa ka ho ’na tlhasenyana eo ke neng ke bile le eona pelong ea ka ka nako e telele, ’me ea etsa hore ke ikutloe hore ke tlameha ho nka bopula-maliboho bo thusang bonyane lekhetlo le leng hape.” O ile a ipehela pakane ea March. O re: “Ntho ea pele eo ke ileng ka e etsa e bile ho lula fatše le ho bala litšenyehelo. Ke ile ka buisana taba ena le morali oa ka hobane ke ne ke tla hloka thuso ea hae. O ile a ’makatsa ka hore le eena a inkele foromo ea kōpo.” Khoeling eo, morali’abo rōna ea seng a hōlile o ile a qeta lihora tse 52 tšebeletsong. “Ke ile ka rapela Jehova ka makhetlo hore a mphe matla ha ke ne ke ikutloa ke khathetse. Qetellong ea khoeli, ke ne ke thabile haholo ke bile ke khotsofetse, ’me ke leboha Jehova ka makhetlo a mangata hore ebe o ile a nthusa. Ke tla rata ho bo leka hape.” Phihlelo ea hae e thabisang e ka ’na ea khothatsa ba bang ba hlileng ba lakatsang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang le hoja ba fokolloa ke bophelo haholo.

6 Mor’abo rōna e mong ea ileng a felloa ke mosebetsi ka tšohanyetso o ile a sebelisa boemo boo hamolemo ka ho nka bopula-maliboho bo thusang. Ha khoeli e ntse e tsoela pele, o ile a chesehela mosebetsi oa boboleli le ho feta, ’me ha khoeli e fela, o ne a se a qalile thuto e ncha ea Bibele. Ha a nahana ka phihlelo eo, o re: “E bile khoeli e putsang hakaakang!” O ile a thabisoa hakaakang ke tataiso le thuso ea Jehova! E, Jehova o ile a mo tšollela litlhohonolofatso tse enneng bakeng sa boiteko bo eketsehileng boo mora enoa oabo rōna a ileng a bo etsa tšebeletsong, ’me o tla etsa ka ho tšoanang le ka uena.—Mal. 3:10.

7 Ho ba bangata, ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ha ho bonolo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boikarabelo boo ba nang le bona mosebetsing le ka lapeng hammoho le mathata a mang a botho, bara le barali babo rōna ba ’maloa ba khonne ho bo nka. Hangata ho fana ka bopaki bo phethahetseng ho akarelletsa ho tela nako ea rōna ea bohlokoa le matla a rōna, empa litlhohonolofatso tsa hona e ba tse ke keng tsa lekanngoa.—Liprov. 10:22.

8 March le April ke likhoeli tse loketseng bakeng sa ho bula maliboho. March e na le mafelo-beke a mahlano. Ho a sebelisa hamolemo hammoho le lihora tsa mantsiboea ho ka ’na ha nolofalletsa ba bang ba sebetsang ho ba bopula-maliboho ba thusang. Ho feta moo, u ka ’na ua khona ho sebelisa hamolemo matsatsi a phomolo khoeling ea April. Ba bang ba ka ’na ba be ba le phomolong ea sekolo le mosebetsing, e leng ho ka ba thusang hore ba finyelle pakane ea lihora tse 50. Ho boetse ho hlophisitsoe hore ho be le Letsatsi le khethehileng la Limakasine ka Moqebelo oa la 5 April. E le hore u ka itokisetsa ho finyella lihora tse 50 tšebeletsong khoeling ea March kapa ea April, na u ka sebelisa e ’ngoe ea likemiso tse fanoeng e le mohlala tsa bo-pula-maliboho ba thusang tse kenyelelitsoeng sehloohong sena? Buisana le ba bang ka kemiso ea hao; ntle ho pelaelo e tla khothalletsa ba bang hore ba sebetse le uena tšebeletsong. Haeba u sa khone ho ba pula-maliboho e thusang, ipehele pakane e tobileng likhoeling tsena, ’me u tšehetse ba khonang ho bula maliboho. Lokisetsa esale joale ho atolosa tšebeletso ea hao likhoeling tsa March le April.

9 Bontša ho Ananela Sehopotso: Selemo se seng le se seng nakong ea Sehopotso, ho ananela thekollo ho susumelletsa ba likete ho ‘ithekela nako’ ea ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. (Baef. 5:15, 16) Selemong se fetileng ho ile ha e-ba le bo-pula-maliboho ba thusang ba 8 104 ka March le ba 4 929 ka April, Afrika Boroa. Sena se etsa hore ka karolelano e be ba 6 516 khoeli ka ’ngoe ho tseo tse peli. Bapisa lenane leo le karolelano ea ba 1 600 ba ileng ba bula maliboho khoeli ka ’ngoe likhoeling tse fetileng tsa selemo sa tšebeletso. (Selemong se fetileng, Botswana, ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba thusang ba 120 ka March le ba 78 ka April, Lesotho ba 160 le ba 203, Namibia ba 145 le ba 71, St. Helena ba 14 le ba 4 le Swaziland ba 219 le ba 139.) Nako ena ea Sehopotso ke monyetla o mong o motle oa hore re bontše hore re ananela sehlabelo sa Kreste sa thekollo ka ho eketsa tšebeletso ea rōna ea tšimo.

10 Ha la 16 April le ntse le atamela, nahana ka seo Sehopotso se se bolelang ho uena. Nahana ka liketsahalo tse ileng tsa lebisa lefung la Kreste le lintho tseo a neng a amehile ka tsona ka botebo. Hape, nahana ka thabo e neng e behiloe ka pel’a Jesu le kamoo e ileng ea mo thusa kateng ho mamella tšoaro e mpe joalo. Nahanisisa ka boemo boo a leng ho bona hona joale e le Hlooho ea phutheho, e leng ba ho tsamaisa mosebetsi oa boboleli le oa ho etsa barutuoa. (1 Bakor. 11:3; Baheb. 12:2; Tšen. 14:14-16) Joale bontša hore u ananela sohle seo Kreste a se entseng ka ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa boboleli ho ea kamoo maemo a hao a u lumellang kateng.

11 Khothalletsa ba Bang ho Fana ka Bopaki bo Phethahetseng: Ka ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba boemong bo botle ba ho khothatsa ba bang. Ha ba sebetsa le bahoeletsi tšebeletsong ea tšimo le ha ba etsa maeto a bolisa, ba ba le monyetla o motle oa hore ba thuse ba bang ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ena e khethehileng. E se eka kaofela ha rōna re ka nahana taba ena ka thapelo, kahoo ra matlafatsa boiteko ba rōna bo kopanetsoeng ba ho fana ka bopaki bo phethahetseng.

12 Le hoja baholo le bahlanka bohle ba sebeletsang ba tla tsamaisana le litokisetso tsa phutheho ka mosebetsi o eketsehileng khoeling ea March le ea April, molebeli oa tšebeletso ka ho khetheha o lokela ho ameha ka ho hlophisa mosebetsi oa ho bolela evangeli. O lokela ho hlophisa libaka tsa tšebeletso ea tšimo, matsatsi le nako tse tla nolofalla bahoeletsi ba bangata ’me o lokela ho etsa hore li tsebisoe phutheho kamehla. Ho ka ’na ha lokisetsoa hore ho kopanoe ka linako tse sa tšoaneng ka letsatsi, ho fa bohle ba ka phuthehong monyetla oa ho kopanela mefuteng e sa tšoaneng ea ho paka. E ka ’na ea akarelletsa ho sebetsa sebakeng sa khoebo, ho paka seterateng, ho ea ka ntlo le ntlo, ho etsa maeto a ho boela le ho paka ka thelefono. Ho phaella moo, o lokela ho lokisetsa hore ho be le phepelo e lekaneng ea lingoliloeng, limakasine, ’me ho be le tšimo e lekaneng bakeng sa likhoeli tseo.

13 Ka March ho tla tsamaisoa buka ea Tsebo, ka sepheo sa ho qalisa lithuto tsa Bibele. Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002 e na le litlhahiso tse ntle bakeng sa ho nehelana ka buka ea Tsebo. Ka April ho tla tsamaisoa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Leka ho sebelisa linehelano tse khothalletsoang tse hlahang ho “Tsela ea ho Buella Limakasine.” Bohle ba lokela ho ipha nako ea hore ba lokisetse hantle e le hore ba fane ka bopaki bo phethahetseng.

14 Ke thabo e kaakang ho sebetsa tlas’a tataiso ea Hlooho ea phutheho, Kreste Jesu, le ho ba le tokelo ea ho abela ba bang litaba tse molemo! Ha khoeli ea March le ea April li ntse li atamela, a re boeleng re ikitlaelletseng ho li etsa likhoeli tse molemo ka ho fetisisa ha re ntse re mamela taelo ea Kreste ea hore re bolele ’me re fane ka bopaki bo phethahetseng.

[Lebokose le leqepheng la 4]

Litsela Tse sa Tšoaneng Tsa ho ba Pula-maliboho ea Thusang ka March le ka April 2003

Letsatsi Lihora

Mantaha 1 2 — — 2 —

Labobeli 1 — 3 — — —

Laboraro 1 2 — 5 — —

Labone 1 — 3 — — —

Labohlano 1 2 — — — —

Moqebelo 5 4 3 5 6 7

Sontaha 2 2 3 2 2 3

March 56 56 54 55 50 50

April 50 50 51 53 — —

Na e ’ngoe ea likemiso tsee e tla sebetsa ho uena?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela