Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/00 leq. 8
  • ‘Ba Lekoe Mabapi le ho Tšoaneleha’—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ba Lekoe Mabapi le ho Tšoaneleha’—Joang?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bahlanka ba Sebeletsang ba Etsa Mosebetsi oa Bohlokoa
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Bahlanka ba Sebeletsang Lehlohonolo ho Batho ba Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Bahlanka ba Sebeletsang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ho Boloka Kutloano Pakeng tsa Baholo le Bahlanka ba Sebeletsang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 5/00 leq. 8

‘Ba Lekoe Mabapi le ho Tšoaneleha’—Joang?

1 Ka khōlo e ntseng e tsoela pele mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, ho na le tlhokahalo e sa khaotseng ea barab’abo rōna ba tšoanelehang hore ba sebeletse e le bahlanka ba sebeletsang. Boholo ba barab’abo rōna ba e-song ho khethoe, ho akarelletsa le bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20, ba na le takatso ea ho sebeletsa ka phuthehong. Ha ba abeloa mosebetsi o eketsehileng, ba ikutloa ba e-na le thuso ’me ba ba le khotsofalo ea ho finyella ho hong. Ho tsoela pele ha bona ho itšetlehile ka hore ba ‘lekoe mabapi le ho tšoaneleha.’ (1 Tim. 3:10) See se finyelloa joang?

2 Mosebetsi oa Baholo: E le karolo ea ho lekanya mor’abo rōna ka litšoaneleho tsa Mangolo tse fumanoang ho 1 Timothea 3:8-13 bakeng sa bahlanka ba sebeletsang, baholo ba tla leka ho tšoaneleha ha mor’abo rōna ho jareng boikarabelo. Ba ka ’na ba mo abela ho etsa litšebeletso tse amanang le ho aba limakasine le libuka, ho tšoara li-microphone, ho hlokomela Holo ea ’Muso le tse joalo. Baholo ba tla hlokomela kamoo a arabelang kateng le kamoo a hlokomelang likabelo tsa hae kateng. Ba tla sheba litšoaneleho tsa hore na ho ka itšetlehoa ka eena, hore na ke motho ea bolokang nako, ea mafolofolo, ea ikokobelitseng, ea nang le moea oa boithaopo le ea khonang ho sebelisana le ba bang. (Bafil. 2:20) Na o beha mohlala moaparong le boitlhophong? Na o na le boikarabelo? Ba batla ho bona ‘boitšoaro ba hae bo botle ka bonolo bo tsamaisanang le bohlale.’ (Jak. 3:13) Na ehlile o hahamalla ho thusa ka phuthehong? Na o phethahatsa taelo ea Jesu ea ‘ho etsa batho barutuoa’ ka ho kopanela ka cheseho tšebeletsong ea tšimo?—Mat. 28:19; bona Molula-Qhooa oa September 1, 1990, leqepheng la 18-28.

3 Le hoja ho se na lilemo tseo Bibele e li behileng bakeng sa hore motho a khetheloe ho ba mohlanka ea sebeletsang, e bua ka barab’abo rōna ba joalo e le “banna ba sebeletsang.” Ho hang re ne re ke ke ra lebella hore ba be lilemong tse qalang tsa bocha kapa bohareng ba tsona, haholo-holo kaha ho boleloa hore ba ka ’na ba e-ba le basali le bana. (1 Tim. 3:12, 13) Banna ba joalo ha ea lokela ho ba ba inehelang ‘litakatsong tsa tlhaho tsa bocha’ empa e lokela ho ba ba nkang lintho ka ho teba, ba nang le boemo bo botle le letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo le batho.—2 Tim. 2:22.

4 Le hoja bokhoni ba tlhaho bo le molemo, boitšoaro le boikutlo ba motho ke tsona lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa. Na ka boikokobetso mor’abo rōna o lakatsa ho rorisa Molimo le ho rata ho sebeletsa barab’abo? Haeba ho joalo, Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hae ba hore a tsoele pele ka phuthehong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela