Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/00 leq. 4
  • Na U Motho ea Lihlong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Motho ea Lihlong?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho ba Botsoalle Haholoanyane?
    Tsoha!—1999
  • Nka Sebetsana Joang le ho ba Lihlong?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka ba ea Botsoalle Haholoanyane Joang?
    Tsoha!—1999
  • Jehova o Tla U fa Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 7/00 leq. 4

Na U Motho ea Lihlong?

1 Ha re makale ha re bona ngoana e monyenyane a re hloelisa a le ka mor’a ’m’ae kapa ntat’ae. Lihlong ke tsa tlhaho bongoaneng. Esita le ho batho ba baholo, ba bangata ba batla ba le lihlong ka tlhaho. Haeba ho ba lihlong ha hao ho ama ho kopanela ha hao tšebeletsong, u ka etsa eng?

2 Ho Sebetsana le ho ba Lihlong: Ke habohlokoa ho ela hloko “motho ea ka sephiring oa pelo.” (1 Pet. 3:4) Matlafatsa lerato la hao ho Jehova le ho moahelani oa hao. Kholiseha ka ho feletseng hore ho phethahatsa thōmo ea ho bolela ke e ’ngoe ea litsela tse molemohali tsa ho bontša lerato la boitelo. Phehella tsela e ntle ea thuto ea botho le ho ba teng libokeng. Rapela kamehla ’me ka ho khetheha o rapelle thuso ea Jehova. Tumelo e tiileng le ho mo tšepa li tla haha tšepo le ho fana ka “sebete haholoanyane ho bolela lentsoe la Molimo [u] sa tšabe letho.”—Bafil. 1:14.

3 Loantša maikutlo a ho se tšoanelehe. Ho bonahala Timothea a ile a tlameha ho etsa sena. Pauluse o ile a khothalletsa Timothea hore “ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang tlaase bocha ba” hae, a mo hopotsa hore “Molimo o re file eseng moea oa bokoala, empa oa matla.” (1 Tim. 4:12; 2 Tim. 1:7) Timothea o ile a sebelisoa ka botlalo ke Jehova, ea tlang ho u sebelisa le uena haeba u ikemiselitse ho tsoela pele u Mo tšepa ka ho feletseng.—Pes. 56:11.

4 Ho nahana ka temana ea Bibele e kang ea Matheu 10:37, ho ile ha thusa morali’abo rōna e mong eo ho ba lihlong ha hae ho neng ho mo etsa hore a tšabe monna oa hae ea hanyetsang. Ka ho tsoela pele a mamella, tšebeletso e ile ea mo nolofalla, ’me qetellong monna oa hae, ’mè oa hae le likhaitseli tsa hae kaofela ba ile ba amohela ’nete!

5 Tokisetso ke ea Bohlokoa: Ho kholiseha ha hao ho tla tsoela pele ho eketseha ha u lokisetsa tšebeletso ka ho phethahetseng. Khetha nehelano e bonolo bukeng ea Ho Bea Mabaka kapa litokollong tse fetileng tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, ithute eona hantle ’me u itlhakise ka eona. Ho e-na le hore u tšohe ka ho sa hlokahaleng, nahana ka lintho tse molemo. Fumana sebete ka ho sebetsa haufi-ufi le ba bang. Lula u hopola hore batho ba bangata bao u tlang ho kopana le bona malapeng le bona ba lihlong joaloka uena. E mong le e mong o hloka molaetsa oa ’Muso.

6 Haeba u lihlong, u se ke ua nyahama. Ha u ntse u ikitlaetsa, Jehova u tla u thusa hore u be ’moleli ea atlehang oa litaba tse molemo. Joale u tla ba le thabo tšebeletsong ea hao.—Liprov. 10:22.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela