U ka Re’ng ha U Arajoa ke Mochine o Arabang Fono?
Thelefono ke tsela e atlehang ea ho pakela batho ba sa fumaneheng malapeng kapa ba lulang libakeng tseo ho leng thata ho kena ho tsona. Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba sa araba fono—ba e arabelloa ke mochine o arabang fono. U ka etsa’ng ha u arajoa ke mochine oo? U se ke ua beha fono fatše. Ho e-na le hoo, tšoara karabo eo u e ngotseng fatše eo u e lokiselitseng hantle e le hore u ka e balla thelefonong. Ikoetlisetse ho e bala ka lentsoe le mofuthu, la motho ea qoqang. U ka re’ng?
U ka ’na ua mema mong’a ntlo ka mofuthu hore a be teng Sebokeng se latelang sa Phatlalatsa Holong ea ’Muso. U ka ’na ua re: “Lebitso la ka ke _________. Ke ne ke lakalitse ho bua le uena empa ka masoabi ha kea u fumana ha ke u letselitse. Haeba u ka thabela ho utloa puisano e thehiloeng Bibeleng mabapi le [sehlooho sa puo ea phatlalatsa], ke kōpa hore u ke u tle Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Ho mengoa batho bohle. Ha ho ntšoe koleke ea letho.” Ebe u bolela letsatsi le nako e tobileng eo seboka se tšoaroang ka eona, ’me u fane ka aterese ea seterata kapa u hlalose sebaka seo Holo ea ’Muso e leng ho sona.
Ela hloko batho ba bacha ba ka ’nang ba tla libokeng, itsebise bona, ’me u etse hore ba ikutloe ba phutholohile. U se ke ua lebala ho ithaopela ho ba khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng!