“Lintho Tsohle Lia Khoneha ho Molimo”
1 Mosebetsi o ka sehloohong oa phutheho ea Bokreste ke ho bolela molaetsa oa ’Muso lefatšeng ka bophara. (Mat. 24:14) Oo ke mosebetsi o moholohali. Ho bashebelli ba bangata, ho bonahala o hloka chelete e ngata haholo ho feta eo re nang le eona. Ho ba bang, ho phethahatsa kabelo ena e batla e le mohlolo ka lebaka la hore rea songoa, rea hanyetsoa hape rea hlorisoa. (Mat. 24:9; 2 Tim. 3:12) Batho ba nang le lipelaelo ba kholisehile hore mosebetsi ona ke ntho e ke keng ea finyelloa. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.”—Mat. 19:26.
2 Mehlala e Metle e ka Etsisoang: Jesu o ile a qala tšebeletso ea hae a le mong khahlanong le tsamaiso eohle ea lintho. Ha ba leka ho mo thibela hore a atlehe, bahanyetsi ba ile ba mo hobosa ka litsela tsohle tse ka nahanoang, ba qetella ba mo bolaile lefu le sehlōhō. Empa, qetellong, Jesu o ile a bua tjena ka kholiseho: “Ke hlōtse lefatše.” (Joh. 16:33) Kannete o ile a finyella ho tsotehang!
3 Barutuoa ba Jesu ba ile ba bonahatsa moea o tšoanang oa sebete le cheseho tšebeletsong ea Bokreste. Ba bangata ba ile ba shapuoa, ba otloa, ba kenngoa literonkong le hona ho bolaoa. Leha ho le joalo, ba ne “ba thabile hobane ba ne ba nkiloe e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la lebitso la hae.” (Lik. 5:41) Le hoja lintho li ne li le khahlanong le bona, ba ile ba finyella mosebetsi oo ho neng ho bonahala o ke ke oa finyelloa oa ho bolela litaba tse molemo “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Lik. 1:8; Bakol. 1:23.
4 Mokhoa oa ho Atleha Mehleng ea Rōna: Le rōna ka cheseho re etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ho sa tsotellehe seo ho bonahalang eka ke litšitiso tse ke keng tsa hlōloa. Ho sa tsotellehe lithibelo, mahloriso, ho kenngoa literonkong, le mekhoa e meng e mabifi ho leka ho re thibela, rea atleha. Re khona joang? “‘Eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moea oa ka,’ ho boletse Jehova oa mabotho.” (Zak. 4:6) Kaha Jehova o re tšehelitse, ha ho letho le tla thibela mosebetsi oa rōna!—Bar. 8:31.
5 Ha re bolela, ha ho na lebaka la hore re be boi kapa re tšabe kapa re ikutloe re sa tšoanelehe. (2 Bakor. 2:16, 17) Re na le mabaka a matla haholo a ho tsoela pele re hasa litaba tse molemo tsa ’Muso. Ka thuso ea Jehova, re tla finyella “lintho tse ke keng tsa khoneha”!—Luka 18:27.