“Tšoareha ka Matla Haholo” ka Tšebeletso ea Hao
1 Ha re bala ka hore moapostola Pauluse o ne a etsa litente ha a le Korinthe, re ka ’na ra fihlela qeto ea hore sena se ile sa thefula monyetla oa hae oa ho bolela. Leha ho le joalo, Liketso 18:5 ea pheta: “Pauluse a qala ho tšoareha ka matla haholo ka lentsoe, a pakela Bajuda ho tiisa hore Jesu ke Kreste.” Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a tšoarehile hakaale ka tšebeletso ea boboleli? Le hoja ba bangata Korinthe ba ne ba se ba fetohile balumeli, Morena o ile a tiisa hore ho sa ntse ho e-na le barutuoa ba eketsehileng ba bangata ba ka etsoang motseng oo. (Lik. 18:8-11) Na re na le lebaka le tšoanang la ho tšoareha ka matla haholo tšebeletsong ea rōna? E. Batho ba eketsehileng ba bangata ba ka fumanoa ’me ba rutoa ’nete.
2 Qeta Nako e Eketsehileng Tšebeletsong ka April: Mohlomong ke pakane ea hao ho lula u tšoarehile boboleling ba litaba tse molemo khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Empa ka ho khetheha likhoeli tse itseng li re fa menyetla e eketsehileng ea “ho tšoareha ka matla haholo” tšebeletsong ena. Tsena li akarelletsa khoeli ea April, sehlohlolong sa nako ea Sehopotso. Na maemo a hao a u lumeletse hore u be pula-maliboho ea thusang kapa ho eketsa boiteko ba hao tšebeletsong? Bahoeletsi ba bangata ba etsang joalo ba ’nile ba hlohonolofatsoa ka ho enneng. (2 Bakor. 9:6) Haeba u etsa sohle seo u ka se khonang, hopola hore Jehova o thabisoa ke tšebeletso ea hao ea moea oohle. (Luka 21:2-4) Ho sa tsotellehe hore na maemo a hao ke afe, iketsetse pakane ea hore u ‘tšoarehe ka matla haholo’ tšebeletsong ea hao ka April. ’Me u se ke ua lebala ho fa mokhanni oa thuto ea hao ea buka tlaleho ea hao ea tšebeletso ea tšimo bofelong ba khoeli e le hore boiteko ba hao bo ka balelloa le ba ba bang kaofela ba batho ba Jehova.
3 Etela ba Bacha ba Bileng Teng Sehopotsong: Selemong se fetileng Afrika Boroa le linaheng tsa boahelani tse tlas’a lekala la rōna, ba bileng teng Sehopotsong ba ne ba le 187 588. Re se re tla bona hore na selemong sena ba tla ba teng ba tla ba bakae. Empa, litlaleho li bontša hore ho na le monyetla o babatsehang oa “kotulo” e khōloanyane. (Mat. 9:37, 38) Ka hona, kapele kamoo ho ka khonehang, lokisetsa ho etela ba thahasellang ba bileng teng Sehopotsong hore u ba thuse moeeng. Ho lula u chechisa maeto a joalo ho ka etsa hore ‘ea khopo a hloibile lentsoe la ’Muso le jetsoeng lipelong tsa bona.’ (Mat. 13:19) Ho potlakela ho boela ho tla bontša hore ka sebele u ‘tšoarehile ka matla haholo’ ka tšebeletso ea hao.
4 Tsoela Pele ho Thusa ba Khaolitseng ho Kopanela Tšebeletsong: Ka February ho qaliloe boiteko bo khethehileng ba ho thusa ba khaolitseng ho kopanela tšebeletsong. Haeba ho na le ba e-song ho eteloe ka leeto la bolisa, baholo ba lokela ho lokisetsa ho ba etela pele April e fela. Baholo ba tla ikemisetsa ho fumana lebaka le ka sehloohong la bothata ba motho eo le hore na a ka thusoa hamolemo joang hore a boele a sebeletse Jehova ka mafolofolo. Thuso ena e lerato e bontša hore baholo ba nka boikarabelo ba bona ka ho teba joaloka balisa ba “mohlape oa Molimo.” (1 Pet. 5:2; Lik. 20:28) Tokollo ea Molula-Qhooa ea September 15, 1993, leqepheng la 22-3, e fana ka litlhahiso tse babatsehang tseo baholo ba ka li sebelisang ha ba sebetsana le leha e le afe a mathata a mahlano a tloaelehileng ao e ka ’nang eaba a ama ba khaolitseng ho kopanela tšebeletsong. Ha e le hantle, ba bang ba ka ’na ba tsosolosoa tšebeletsong ea tšimo ka April.
5 Thusa ba Eketsehileng ho ba Bahoeletsi ba sa Kolobetsoang: Na bana ba hao ba ile ba tšoaneleha ho ba bahoeletsi ba bacha ba litaba tse molemo? Ho thoe’ng ka ba bang bao u ithutang Bibele le bona? Haeba bao ba amoheloa ke baholo, na April e ke ke ea e-ba nako e loketseng ea hore ba qale ho bolela? Haeba motho a tsoela pele ’me a ithutile bukana ea Seo a se Hlokang le buka ea Tsebo, thuto ea Bibele e ka ’na ea tsoela pele bukeng ea bobeli—ebang ke buka ea Lentsoe la Molimo, buka ea Khotso ea ’Nete, kapa buka ea Ho Kopana Borapeling. Pakane ea hao ke ho thusa seithuti hore se finyelle temohisiso e khōloanyane ’neteng, se tšoanelehe ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, hape e be Paki e inehetseng le ho kolobetsoa ea Jehova.—Baef. 3:17-19; 1 Tim. 1:12; 1 Pet. 3:21.
6 Ho phehella le ho thahasella ha hao liithuti tsa hao tsa Bibele e le kannete ho ka ’na ha li thusa hore qetellong li ithuele ’nete. Paki e ’ngoe e ile ea kopana le banyalani ba bang ba hōlileng ba ileng ba amohela thuto ea Bibele ka pelo eohle. Empa banyalani bao ba ile ba chechisa thuto libeke tse tharo ka ho latellana. Qetellong thuto e ile ea qalisoa. Joale, banyalani bao ba ne ba tlōlisa thuto hoo e batlang e le bekeng e ’ngoe le e ’ngoe ea bobeli. Leha ho le joalo, qetellong, mosali o ile a tsoela pele ho fihlela a kolobetsoa. Mora eo oabo rōna oa hopola: “Ka mor’a hore mosali eo a kolobetsoe, mahlo a hae a ne a tletse meokho ea thabo, e leng ho ileng ha re tlisetsa meokho ea thabo ’na le mosali oa ka.” E, ho “tšoareha ka matla haholo” ka litaba tse molemo ho tlisa thabo e khōlō!
7 Boprofeta ba Bibele le liketsahalo tsa lefatše li bontša hore re keneletse ka ho teba nakong ea bofelo. Hona joale hoa hlokahala hore batho bohle ba Molimo ba ‘tšoarehe ka matla haholo’ ka ho tsebisa ba bang litaba tse molemo. Moapostola Pauluse o fana ka tiisetso ea hore ho hang mosebetsi o joalo “hase oa lefeela mabapi le Morena.”—1 Bakor. 15:58.