Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/01 leq. 1
  • Morero ke Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Morero ke Ofe?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lebisa Liithuti Mokhatlong o Tšehetsang Lebitso la Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Thusang ba Bang ho ba Teng Libokeng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • “A re Eeng ka Tlung ea Jehova”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 10/01 leq. 1

Morero ke Ofe?

1 Ke hobane’ng ha re khanna lithuto tsa Bibele? Na ke feela hore re fane ka tsebo, re ntlafatse bophelo ba batho, kapa re etse hore ba be le pono e khanyang ka bokamoso? Che. Morero oa rōna o ka sehloohong ke ho etsa barutuoa ba Jesu Kreste! (Mat. 28:19; Lik. 14:21) Ke ka lebaka leo ho hlokahalang hore bao re ithutang le bona ba kopanele le phutheho. Tsoelo-pele ea bona moeeng e amana ka ho toba le kutloisiso ea bona ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Bokreste.

2 Tsela ea ho o Finyella: Li sa tloha feela, khothalletsa seithuti ho ba teng libokeng tsa phutheho. (Baheb. 10:24, 25) Se hlalosetse kamoo li tla matlafatsa tumelo ea sona kateng, li se thuse ho etsa thato ea Molimo, li be li se nolofalletse ho ba le botsoalle bo hahang le ba bang bao le bona ba batlang ho rorisa Jehova. (Pes. 27:13; 32:8; 35:18) Lipolelo tsa hao tse bontšang hore u rata phutheho le liboka u bile ua li ananela, li tla tsosa takatso ea sona ea ho ba teng ho tsona.

3 Ho hlokahala hore ba bacha ba utloisise hore mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng ke mokhatlo oa bara ba motho ba machaba. U ka lokisetsa thepa ea ho ba bontša livideo tse kang Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name le Our Whole Association of Brothers. Ba thuse ho utloisisa hore Jehova o sebelisa batho ba limilione ba inehetseng lefatšeng ka bophara ho etsa thato ea hae. Bolella bana ba bacha hore le bona ba memeloa ho sebeletsa Molimo.—Esa. 2:2, 3.

4 Ho bona seithuti sa Bibele se fetoha morutuoa oa ’nete oa Jesu ke mohloli oa thabo e khōlō. Oo ke morero oa rōna!—3 Joh. 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela