Litlhohonolofatso Tsa ho Ananela Lerato la Jehova—Karolo ea 1
1 Moapostola Johanne o ile a ngola: “Ha e le rōna, rea rata, hobane [Jehova] o ile a re rata pele.” (1 Joh. 4:19) Ha re nahana ka sohle seo Jehova a re fileng sona, re susumelletseha ho mo bontša kananelo ea rōna e tebileng. Jesu o behile mohlala ho etseng sena ka hore ka boikokobetso a pake ka lebitso la Molimo le ’Muso oa hae. (Joh. 14:31) Re tla be re etsa hantle ha re nahana ka litsela tse ling tseo ka tsona re ka bontšang hore re ananela lerato la Jehova le litlhohonolofatso tseo le li tlisang.
2 Ho ea ka Ntlo le Ntlo: Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae tsela ea ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Litaelo tsa hae li bontša ka ho hlaka hore ba ile ba ea ka ntlo le ntlo, ba phatlalatsa litaba tse molemo. (Luka 9:1-6; 10:1-7) Ho hlokahala hore re rate Molimo le moahelani hore re lule re e-ea ka ntlo le ntlo le ha re kopana le batho ba sa thahaselleng le ba hanyetsang. Leha ho le joalo, ha re ntse re etsa joalo, ka borōna re rua molemo hobane tumelo ea rōna e tiea haholoanyane, re ba le kholiseho e khōloanyane ’me tšepo ea rōna e khanya haholoanyane.
3 Kaha re sebetsa tlas’a tataiso ea mangeloi, re fumane ba bangata ba lapetseng le ho nyoreloa ’nete. (Tšen. 14:6) Beng ba matlo ba ’nile ba bolela hore ba ne ba rapelletse thuso ha Paki e kena ha bona. Lipaki tse peli le ngoana e monyenyane li ne li tsamaea ka ntlo le ntlo sehlekehlekeng sa Caribbean. Ha batho ba baholo ba etsa qeto ea ho khaotsa letsatsing leo, ngoana enoa o ile a tsoela pele a le mong a ea ntlong e latelang ’me a kokota. Moroetsana e mong a bula monyako. Ha batho ba baholo ba bona sena, ba ile ba ea ’me ba bua le eena. A re ba kene ’me a hlalosa hore o ne a sa tsoa rapela Molimo hore a romele Lipaki hore li tl’o mo ruta Bibele!
4 Ho Paka Seterateng: Kaha libakeng tse ling ho thata haholo ho fumana batho malapeng, bopaki ba seterateng ke tsela e atlehang ea ho pakela batho. Ho feta moo, batho ba bangata ba lula metseng eo ho kenoang ka likeiti feela kapa meahong e sirelelitsoeng ka thata moo re ke keng ra tsamaea ka ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, ho ananela ha rōna lerato la Jehova ho re susumelletsa hore re nke monyetla ka mokhoa ofe kapa ofe hore re buisane le batho ka molaetsa oa ’Muso, ho akarelletsa le ho ba pakela seterateng.—Liprov. 1:20, 21.
5 Ho Etsa Maeto a ho Boela: Kaha re batla ba “elang hloko tlhoko ea bona ea moea,” re batla ho etsa seo re ka se khonang ho khotsofatsa tlhoko eo. (Mat. 5:3) Sena se hloka hore re khutlele ho ea nosetsa lipeō tsa ’nete tseo re li jetseng. (1 Bakor. 3:6-8) Morali e mong oabo rōna oa Australia o ile a fa mosali e mong ea neng a sa bontše thahasello e kaalo pampitšana. Ho sa tsotellehe seo, morali enoa oabo rōna o ile a leka ka matla ho mo fumana lapeng la hae hape. Ha a qetella a kopane le eena, morali’abo rōna o ile a fumana hore ka mor’a leeto la pele, mosali enoa o ile a reka Bibele ea theko e phahameng. Morali’abo rōna o ile a qala ho ithuta le eena!
6 Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele: Ena e ka ba karolo ea tšebeletso ea rōna e thabisang ka ho fetisisa le e putsang. Ke tlhohonolofatso e kaakang ho thusa batho ho ithuta ka Jehova, ho bona ha ba etsa liphetoho tse mo thabisang bophelong ba bona le ho bona ha ba kolobetsoa hore e be Bakreste e le ho bonahatsa boinehelo ba bona ho Molimo!—1 Bathes. 2:20; 3 Joh. 4.
7 Tokollong e tlang, re tla hlahloba litsela tse eketsehileng tseo ka tsona re hlohonolofatsoang ha re ananela lerato la Jehova.