Litlhohonolofatso Tsa ho Ananela Lerato la Jehova—Karolo ea 2
1 Karolong ea khoeli e fetileng e buang ka taba ena, re ile ra totobatsa litsela tse ’nè tseo ka tsona re ka bontšang tšebeletsong hore re ananela lerato la Jehova. (1 Joh. 4:9-11) Karolong ena re tla hlahisa litsela tse ling tse hlano tsa ho etsa sena. Ha re kopanela ka botlalo ho thuseng ba bang moeeng, rea hlohonolofatsoa.
2 Bopaki bo sa Reroang: Ena ke tsela e atlehang ea ho fumana batho ba lapetseng le ho nyoreloa ho loka le ea ho ba abela lingoliloeng tse ka ba thusang. Ho molemo ho ‘ithekela nako e loketseng’ le ho paka ka linako tsohle re pakela mang kapa mang eo re kopanang le eena. (Baef. 5:16) Ho ka ’na ha hlokahala hore re itete sebete e le hore re pake ka tsela ena, empa haeba re ananela lerato la Molimo re bile re utloisisa seo batho ba se hlokang, re tla paka ha monyetla o mong le o mong o hlaha.—2 Tim. 1:7, 8.
3 Moromuoa e mong o ile a putsoa ka ho enneng ka ho qalisa moqoqo le motho eo a neng a palame tekesi le eena. Monna enoa o ile a bontša thahasello. Ho ile ha etsoa maeto a ho boela, ’me ha qalisoa thuto ea Bibele. Monna eo o ile a kena ’neteng ’me a tsoela pele ho fihlela e e-ba moholo oa phutheho!
4 Ho Ngola Mangolo: Mohlomong ha re khone ho ea ka ntlo le ntlo ka lebaka la ho kula ho itseng ’meleng kapa boemo bo bobe ba leholimo. Re ka ngola mangolo, ra pakela batho bao re ba tsebang hakhutšoanyane, ba lahlehetsoeng ke baratuoa ka lefu, kapa ba neng ba le sieo hae ha re sebetsa tšimo eo. Re ka kenyelletsa e ’ngoe ea lipampitšana tsa rōna tse nakong e nang le molaetsa o ipiletsang o thehiloeng Bibeleng le e khothalletsang ea e amohelang ho botsa lipotso haeba a e-na le tsona. Ngola aterese ea hao kapa ea Holo ea ’Muso e le eo lengolo le ka khutlisetsoang ho eona ha le sa fihla moo le eang teng; ka kōpo u se ke ua sebelisa aterese ea ofisi ea lekala.
5 Ho Paka ka Thelefono: Ena ke tsela e molemo ea ho finyella batho bao re sa khoneng ho kopana le bona tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Haeba re ho etsa ka bohlale, ka mosa, ka masene le ka tsebo, re ka ’na ra fumana karabelo e molemo haholo. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 2001, leqepheng la 5-6, e fana ka litlhahiso tse sebetsang tsa kamoo ho ka finyelloang liphello tse molemohali.
6 Ha morali’abo rōna a ne a paka ka thelefono, o ile a botsa mosali e mong hore na o kile a nahana ka ho teba ka bokamoso ba hae le ba lelapa la hae. Mosali enoa o ile a bolela hore o kile a nahana sena ka ho teba. O ile a senola hore ka lebaka la ho nyahama ha hae, o ne a itšehlile thajana lapeng. Ka lebaka la ho angoa ke kameho ea sebele ea morali enoa oabo rōna, mosali enoa o ile a lumela ho kopana le eena ’marakeng o haufinyane. Phello e bile hore mosali enoa a amohele thuto ea Bibele hang-hang!
7 Ho Amohela Bao re sa ba Tsebeng: Haeba re rata baahelani ba rōna, re tla falimehela ho ela hloko motho ofe kapa ofe eo re sa mo tsebeng ea etelang moo re kopanelang teng ’me re tla etsa hore a ikutloe a amohelehile. (Bar. 15:7) Etsa hore a bone hore o har’a batho ba thahasellang boiketlo ba hae ba moea e le kannete. Kameho ea rōna ea sebele le ho ithaopela ho ithuta Bibele le motho eo li ka ’na tsa mo khothalletsa ho amohela thuso ea rōna.
8 Boitšoaro ba Rōna bo Botle: Re khabisa ’nete ka boitšoaro ba rōna bo botle. (Tite 2:10) Ha batho ba lefatše ba re bua hantle re le Lipaki tsa Jehova, ba tlotlisa Molimo oa rōna. (1 Pet. 2:12) Sena le sona se ka thusa ba bang hore ba qalise tseleng e isang bophelong.
9 Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe litsela tsee tse hlano tsa ho bontša hore re ananela lerato le leholo leo Jehova a re ratang ka lona ’me re li sebelise? (1 Joh. 4:16) Ha u etsa joalo, u tla rua molemo o moholo.