Ho Khothatsana ho Khethehileng
1 Ha ho letsatsi le fetang batho ba Jehova ba sa talimane le liteko tsa tumelo. Kaha Diabolose oa tseba hore nako ea hae e khutšoanyane, o etsa sohle seo a ka se khonang ho senya botšepehi ba rōna ho Jehova. (Tšen. 12:12) Ke habohlokoa hore re “tsoele pele ho fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae” e le hore “[re] ka khona ho hanyetsa ka letsatsi le khopo ’me, ka mor’a hore [re] etse lintho tsohle ka ho phethahetseng, [re eme re] tiile.”—Baef. 6:10, 13.
2 Ho bokana le balumeli-’moho le rōna ke tokisetso e tsoang ho Jehova e re thusang ho fumana matla. Moapostola Pauluse o ne a utloisisa bohlokoa ba sena. O ne a labalabela ho ba hammoho le barab’abo ba Bakreste “e le hore ho ka ba le ho khothatsana har’a [bona]” ’me ‘ba tiisoa.’ (Bar. 1:11, 12) Ho re matlafaletsa ho etsa thato ea Molimo, ka lerato Sehlopha se Busang se lokiselitse hore re fumane monyetla oa ho rua molemo ka ho khothatsana Kopanong ea Setereke e tlang ea “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang.”
3 E-ba Teng Bakeng sa ho Rua Molemo: Ikemisetse ho ba teng matsatsi ’ohle a mararo. Re ‘itsoela molemo’ ka ho fihla pele ho binoa pina e qalang le ho lula ho fihlela ha ho koaloa ka thapelo. (Esa. 48:17, 18) Ho tla hlokahala hore ba bangata ba etse litokisetso tse hlokahalang mosebetsing e le hore ba ka ba teng ka matsatsi ’ohle a mararo. Ke ’nete hore ho ke ke ha e-ba bonolo ho kōpa mohiri oa hao hore a u lokolle, empa Jehova o re tiisetsa hore o tla re thusa ho etsa thato ea hae. (1 Joh. 5:14, 15) Haeba ha u e-s’o etse joalo, joale ke nako ea ho etsa litokisetso tse tobileng tsa lipalangoang le marobalo, ho qoba ho etsa lintho motsotsong oa ho qetela. Re ka kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho ba teng kopanong ka matsatsi ’ohle a mararo.—Liprov. 10:22.
4 Lebella Hore U Tla Khothatsoa: Na e kile eare ha u tloha kopanong ea setereke, ua re: “Ha ho e tšoanang le ena!” Ke hobane’ng ha u ne u ikutloa ka tsela eo? Ke hobane rōna batho ba sa phethahalang re ka nyahama hanyane ka hanyane, ’me re hloka khothatso ea moea. (Esa. 40:30) Morali’abo rōna e mong o itse: “Tsamaiso ena ea ’nyahamisa, ’me likopano li etsa hore ke be le pono ea moea le ho mpha matla a moea ao ke a hlokang. Kamoo ho bonahalang kateng khothatso ena e tla ka nako eo ke hlileng ke e hlokang.” Mohlomong le uena u kile ua ikutloa ka tsela e tšoanang.
5 Ha re khothatsoe ke lipuo le lipuisano feela empa re boetse re khothatsoa ke litšobotsi tse ling tse matlafatsang moeeng tsa likopano. Mor’abo rōna e mong o itse: “Ke ananetse tlhaloso e hlakileng le e utloahalang ea melao-motheo ea Bibele. Ka sebele litšoantšiso ke tsa bohlokoa haholo bakeng sa ho re bontša kamoo re ka ruang molemo kateng mehlaleng e metle le e mebe ea nakong e fetileng. Kamehla ke lebella ho lokolloa ha lingoliloeng tse ncha, ’me ke thabela ho li bala nako e telele ka mor’a moo.”
6 Likopano ke tokisetso ea bohlokoa e tsoang ho Jehova ‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Tim. 3:1) Li re thusa ho ela hloko keletso e bululetsoeng, e reng: “Lulang le falimehile, le eme le tiile tumelong, le tsoele pele joaloka banna, le be matla.” (1 Bakor. 16:13) Ka baka leo, a re ikemisetseng ho ba teng lenaneong lohle ’me re thabele ho khothatsana Kopanong ea Setereke ea “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang”!
[Lebokose le leqepheng la 3]
Lokisetsa ho ba Teng ka Matsatsi ’Ohle a Mararo
■ Kōpa hore u lokolloe mosebetsing.
■ Lokisetsa marobalo motseng oo kopano e tla tšoareloa ho oona.
■ Lokisetsa sepalangoang sa ho ea kopanong.