‘Bokella Sechaba’
1. Likopano tsa setereke le tsa machaba li tšoana joang le kopano ea bohlokoahali eo Baiseraele ba bileng le eona nakoana ka mor’a hore ba tlohe Egepeta?
1 Nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba tlohe Egepeta, Jehova o ile a laela Moshe hore a ‘bokelle sechaba’ Thabeng ea Sinai hore se tl’o mamela mantsoe a Hae e le hore se mo tšabe se be se rute bana ba sona litsela tsa Hae. (Deut. 4:10-13) E tlameha ebe ketsahalo eo e bile e matlafatsang tumelo hakaakang! Likhoeling tse ’maloa tse tlang, batho ba Jehova ba tla bokana likopanong tsa setereke le tsa machaba e le hore ba rutoe ke Jehova. Re lokela ho etsa’ng hore re rue molemo o feletseng?
2. Re lokela ho etsa’ng ha re ‘itokisetsa’ kopano?
2 ‘Itokise’: Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba ‘itokisetse’ kopano ea bohlokoahali e neng e tla ba Thabeng ea Sinai. (Ex. 19:10, 11) Ka ho tšoanang, hase batho ba tla ba le karolo lenaneong la kopano feela ba lokelang ho itokisetsa ho ba teng, empa le bohle ba eang likopanong ba lokela ho etsa litokisetso. Ka mohlala, ba bangata ba lokela ho kōpa matsatsi mosebetsing. Mohlomong boemo ba hao bo tšoana le ba Nehemia. Kaha e ne e le moqhatsetsi oa Morena Artaxerxese, o ne a batla ho kōpa matsatsi mosebetsing e le hore a e’o thusa mosebetsing oa ho tsosolosa marako a Jerusalema, empa o ne a tseba hore morena a ka ’na a hana. Nehemia o ile a rapela, eaba ka sebete o bolella morena seo a se kōpang. Morena o ile a mo lumella ho tsamaea a ba a mo thusa ka lintho tse hlokahalang bakeng sa kaho! (Neh. 2:1-9) Ntle le ho kōpa nako ho mohiri oa hao, na u se u lokiselitse sepalangoang le marobalo? Baholo ba ka rata ho thusa ba ka ’nang ba hloka thuso. Lokisetsa hore ka linako tsohle u fihle ka nako ’me u ikemisetse ho ‘ela hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng’ kapa ho mamela ka hloko seo u tla se utloa.—Baheb. 2:1.
3. Ke’ng se tla re thusa ho lokisa lipelo tsa rōna hore re mamele lenaneo ka hloko?
3 Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa ke ho lokisa lipelo tsa rōna e le hore re mamele re be re ithute. (Esdr. 7:10) Lenaneo la kopano le tla kenngoa Websaeteng ea jw.org pele ho likopano ’me sehloohong ka seng ho tla bontšoa lengolo le le leng kapa a mabeli a sehlooho. Re ka tšohla boitsebiso bona bo molemo mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa libekeng tse tlang pele ho kopano. Bahoeletsi ba bang ba printa lenaneo lena ebe ba ngola lintlha tse khutšoanyane ho lona.
4. Kopano ea setereke e ka thusa batsoali joang ho ruta bana ba bona?
4 ‘Ruta Bara ba Hao’: O mong oa merero ea kopano e neng e tšoaretsoe Thabeng ea Sinai e ne e le hore batsoali ba Baiseraele ba ‘rute bara ba bona.’ (Deut. 4:10) Kopano ea setereke le eona e fa batsoali monyetla o motle oa hore ba rute bana ba bona. Ha lenaneo le ntse le tsoela pele batsoali ba lokela ho lula le bana ba bona ’me ba ba thuse ho mamela ka hloko. Lelapa le ka tšohla lenaneo hammoho qetellong ea letsatsi le leng le le leng la kopano le nakong ea borapeli ba lelapa ka mor’a kopano.
5. Ho ba teng kopanong e tlang ea setereke ho tla re ruisa molemo joang?
5 Kopano ea bohlokoahali e neng e tšoaretsoe Thabeng ea Sinai e ile ea thusa Baiseraele ho ananela tokelo e ikhethang ea ho ba sechaba sa Molimo. (Deut. 4:7, 8) Morero oa kopano ea setereke e ntseng e atamela ke ho re ruisa molemo ka tsela e tšoanang. Ka matsatsi a mararo re tla tsoa maemong a sehlōhō a lefatše la Satane le kang lefeella ’me re thabele lijo tsa moea tse khathollang le tse re matlafatsang har’a barab’abo rōna ba nang le khotso. (Esa. 35:7-9) Kaha letsatsi la Jehova le ntse le atamela, e se eka re ke ke ra tlohela monyetla oa ho bokana hammoho e le hore re khothatsane!—Baheb. 10:24, 25.