Lebokose la Lipotso
◼ Re lokela ho apara le ho itlhopha joang ha re etela mahae a Bethele le mehaho ea lekala?
Ha re etela Bethele, ebang ke ka morero oa ho bona sebaka kapa ho etela litho tsa lelapa la Bethele, “moaparo oa rōna, boitlhopho le boitšoaro li lokela ho tšoana le tse lebelletsoeng ho rōna ha re e-ea libokeng tsa borapeli Holong ea ’Muso.” (om 131) Leha ho le joalo, ho ’nile ha hlokomeloa hore bara le barali ba bang babo rōna ba ikaparela ka tsela leha e le efe feela ha ba etela liofisi tsa lekala. Seo ha sea lokela ho etsoa ha ho eteloa mehaho ena. Ponahalo ea rōna e lokela ho ba e behang mohlala, e hlophehileng hantle le e itekanetseng, e hlomphehang le e nang le seriti se tšoanelang bahlanka ba Jehova Molimo.—1 Tim. 2:9, 10.
Sena ke sa bohlokoa ka ho khethehileng ha re etela mahae a Bethele le mehaho ea lekala hobane batho ba bangata bao e seng Lipaki ba re shebile. Batho ba re shebileng ba ka ba le maikutlo a itseng ka batho ba Molimo le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ka lebaka la seo ba se bonang. Ho ka ba molemo hore u bue le liithuti tsa Bibele le ba bang bao ho ka etsahalang hore ba tla eta u ba hopotse ka bohlokoa ba ho apara le ho itlhopha ka tsela e loketseng. Lelapa la Bethele le tla ananela seo.
Re le basebeletsi ba Bakreste, re lokela ho ba hlokolosi hore ponahalo ea rōna ha e khopise ba bang. (2 Bakor. 6:3, 4) Ho e-na le hoo, ka ponahalo ea rōna e hlomphehang, e se eka kamehla re ka “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle.”—Tite 2:10.