Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa June 15
“Na u nahana hore re tla ke re bone mathata a mofuta oo a fela? [Bala mantsoe a qalang sehloohong sa pele, ebe u emela karabelo.] Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le re tiisetsa hore mathata ana a tla tloha a fela. [Bala Pesaleme ea 72:12-14.] Tokollo ena ea Molula-Qhooa e hlalosa kamoo sena se tla finyelloa kateng.”
Molula-Qhooa July 1
“Batho ba limilione ba sebelisa litšoantšo ha ba rapela, ha ba bang ba limilione ba nahana hore ho etsa joalo ho fosahetse. Na u kile ua ipotsa hore na Molimo o nahana eng ka see? [Emela karabelo. Ebe u bala Johanne 4:24.] Lihlooho tsena li bontša kamoo tšebeliso ea litšoantšo e qalileng kateng le seo Bibele e se buang ka borapeli ba litšoantšo.”
Tsoha! July 8
“Bibele e profetile hore ho tla ba le linako tse thata matsatsing a ho qetela. [Bala 2 Timothea 3:1, 3.] Lefatšeng lohle, ho ata ha tlōlo ea molao ho fana ka bopaki ba sena. Maemo a ne a tla mpefala hakaakang haeba ho ne ho se mapolesa! Tokollo ena ea Tsoha! e bua ka liphephetso tseo mapolesa a talimanang le tsona lefatšeng ka bophara.”
Nehelano e ’ngoe: “Na u nahana hore batho bohle lefatšeng ba tla ke ba thabele tokoloho ea sebele? [Emela karabelo.] Hlokomela tšepiso ena ea Molimo e thabisang. [Bala Baroma 8:21.] E le hore tšepiso eo e phethahale, bokhoba bohle bo lokela ho fela, na ha ho joalo? Tokollo ena ea Tsoha! e bontša kamoo seo se tla etsahala kateng.”