Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa June 15
“Na u nahana hore re ka khona ho thaba ho sa tsotellehe mathata ao re tobanang le ’ona? [Emela karabo.] Makasine ena e re bontša mohloli oa tataiso o ka re thusang ho hlōla mathata a bophelo. E boetse e bua ka tšepo ea sebele e matlafatsang.” Bala Tšenolo 21:3, 4.
Tsoha! June
“Na hase ’nete hore likoluoa tsa morao-rao tjee li totobalitse bohlokoa ba ho ela hloko litemoso? [Emela karabo.] Sehlooho sena se bua ka seo mahlatsipa a Leholiotsoana la Katrina a ithutileng sona. Se boetse se bua ka temoso eo kaofela ha rōna ho hlokahalang hore re e ele hloko kajeno.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 14.
Molula-Qhooa July 1
“Lefatšeng lena le tletseng mathata, batho ba bangata ba ee ba botse lipotso tsena: ‘Ke hobane’ng ha bophelo bo tletse mathata hakaale? Haeba Molimo o teng, ke hobane’ng ha a sa nke bohato ba ho felisa mahlomola?’ Na u kile ua ipotsa lipotso tseo? [Emela karabo.] Makasine ena e araba lipotso tsena ka Bibele ka tsela e rutang.” Bala 2 Timothea 3:16.
Tsoha! July
“Kajeno, manyalo a mangata haholo a bothateng. Na u nahana hore banyalani ba ne ba ka rua molemo ka ho sebelisa keletso ee e bululetsoeng? [Bala Baefese 4:32. Ebe u emela karabo.] Tsoha! ena e tšohla melao-motheo ea Bibele e ’nileng ea atleha ka nako e telele le e ka re thusang hore re phele hamonate lenyalong.”