Ikapeseng Boikokobetso
1 Molisana o tšepa Jehova ’me o hlōla mohlabani ea matla. (1 Sam. 17:45-47) Monna oa morui o mamella mahlomola a sa fele pelo. (Jobo 1:20-22; 2:9, 10) Mor’a Molimo o lebisa tlotla eohle ho Ntat’ae bakeng sa ho ruta ha hae. (Joh. 7:15-18; 8:28) Boemong bo bong le bo bong ho ana, boikokobetso bo ile ba phetha karolo e ka sehloohong. Ka ho tšoanang kajeno, boikokobetso ke ba bohlokoa ha re sebetsana le maemo ao re talimanang le ’ona.—Bakol. 3:12.
2 Boboleling: Kaha re basebeletsi ba Bakreste, re bolela litaba tse molemo ka boikokobetso ho batho ba mefuta eohle, re sa be le leeme ka lebaka la morabe oa bona, mekhoa ea bona ea bophelo kapa semelo sa bona. (1 Bakor. 9:22, 23) Haeba ba bang ba re buisa hampe kapa ka boikakaso ba hana molaetsa oa ’Muso, ha re ba etsise empa re tsoela pele ho batla ba tšoanelehang re sa fele pelo. (Mat. 10:11, 14) Ho e-na le ho leka ho khahla ba bang ka tsebo kapa thuto ea rōna, re lebisa tlhokomelo Lentsoeng la Molimo kaha re hlokomela hore le na le tšusumetso e fetang ntho efe kapa efe eo re ka ’nang ra e bua. (1 Bakor. 2:1-5; Baheb. 4:12) Joaloka Jesu, re lebisa tlotla eohle ho Jehova.—Mar. 10:17, 18.
3 Ka Phuthehong: Hape Bakreste ba lokela hore ba ‘itlame ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong.’ (1 Pet. 5:5) Haeba re nka hore ba bang ba re phahametse, re tla batla mekhoa ea ho sebeletsa barab’abo rōna ho e-na le ho lebella hore ba re sebeletse. (Joh. 13:12-17; Bafil. 2:3, 4) Re ke ke ra ba le maikutlo a hore mesebetsi e kang ho hloekisa Holo ea ’Muso e re theola maemong.
4 Boikokobetso bo re thusa ho ‘mamellana ka lerato’ ’me kahoo bo khothalletsa khotso le bonngoe ka phuthehong. (Baef. 4:1-3) Bo re thusa ho ipeha tlas’a ba khethetsoeng ho etella pele. (Baheb. 13:17) Bo re susumelletsa ho amohela keletso kapa taeo leha e le efe eo re ka ’nang ra e fuoa. (Pes. 141:5) Boikokobetso bo re susumelletsa ho tšepa Jehova ha re phetha mesebetsi efe kapa efe eo re ka e fuoang ka phuthehong. (1 Pet. 4:11) Joaloka Davida, rea hlokomela hore katleho e itšetlehile ka tlhohonolofatso ea Molimo eseng ka matla a motho.—1 Sam. 17:37.
5 Ka Pel’a Molimo oa Rōna: Ka holim’a tsohle, ho hlokahala hore re “ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo.” (1 Pet. 5:6) Haeba re tlameha ho sebetsana le maemo a lekang, re ka ’na ra labalabela tokoloho eo ’Muso o tla e tlisa. Empa ka boikokobetso ha re fele pelo, re letela hore Jehova a phethahatse litšepiso tsa hae ka nako ea hae e behiloeng. (Jak. 5:7-11) Joalokaha ho etsahetse ho Jobo ea tšepahalang, ntho e ka sehloohong eo re amehileng ka eona ke hore “lebitso la Jehova le . . . tsoele pele ho bokoa.”—Jobo 1:21.
6 Moprofeta Daniele o ile a ‘ikokobetsa ka pel’a Molimo oa hae’ ’me a hlohonolofatsoa ka kamohelo ea Jehova le litokelo tse ling tse ngata tse ntle. (Dan. 10:11, 12) Ka ho tšoanang, e se eka re ka ikapesa boikokobetso, re tseba hore “phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.”—Liprov. 22:4.