Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/03 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 8 September
  • Beke e Qalang ka la 15 September
  • Beke e Qalang ka la 22 September
  • Beke e Qalang ka la 29 September
  • Beke e Qalang ka la 6 October
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 9/03 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 8 September

Pina ea 10

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle ho hlahloba lintlha tseo ba li nkileng kopanong ea potoloho ea selemo sa tšebeletso se fetileng ha ba lokisetsa Seboka sa Tšebeletso sa beke e tlang. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4, lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa September 15 le Tšoha! ea October 8. Pontšong e ’ngoe, bontša ngoana oa sekolo kapa motsoali a pakela tichere.

10 mets: Lengolo le Tsoang Lekaleng. Eo e bileng mohoeletsi ka nako e telele, ho ka ba molemo ha e le moholo, o buisana le mohoeletsi e mocha lilemong. Mohoeletsi e mocha lilemong o botsa mohoeletsi ea nang le phihlelo hore na o bone lengolo le tsoang ofising ea lekala Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Mohoeletsi ea nang le phihlelo o bolela hore lengolo le tsoang lekaleng e ne e le karolo ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso lilemong tsa bo-1960 le bo-1970. Ebe ba buisana ka lengolo le leqepheng la pele, ba totobatsa lintlha tsa sehlooho.

25 mets: “Bacha—Ralang Motheo o Motle Bakeng sa Nako e Tlang.”a E fanoe ke moholo, a sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Ha u tšohla serapa sa 5, totobatsa thabo le litlhohonolofatso tsa tšebeletso ea nako e tletseng.

Pina ea 170 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 September

Pina ea 199

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

10 mets: “Ho Ithuta Buka ea Rapela Molimo.” Puo ka molebeli oa thuto ea buka. Lebisa tlhokomelo kemisong ea thuto. Ha u tšohla serapa sa bone, akarelletsa litlhaloso tse bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso leqepheng la 28, serapeng sa 1, le tse leqepheng la 70.

25 mets: “Tšepa Jehova ’me U Etse se Molemo.” (Pes. 37:3) Puisano le bamameli e thehiloeng lipotsong tse latelang, tse totobatsang lintlha tsa sehlooho tsa lenaneo la kopano ea potoloho ea selemo sa tšebeletso se fetileng. Mema bamameli ho hlalosa kamoo ka bomong kapa e le malapa ba ileng ba sebelisa lintlha tsa sehlooho. Totobatsa lipuo tsena: (1) “Ho Bonahatsa ho Tšepa Jehova.” Ke hobane’ng ha ho tšepa Jehova likarolong tsohle tsa bophelo e le habohlokoa? (it-2 leq. 521) Watch Tower Publications Index e ka re thusa joang? (2) “Itebele Khahlanong le Lintho Tsa Lefeela Tsa Bophelo.” (Moek. 2:4-8, 11) Re lokela hore re itebele khahlanong le mesebetsi efe ea lefeela, hona re ka ho etsa joang? (3) “Hloeang Bobe—Le Etse se Molemo.” Ke hobane’ng ha ho khomarela litekanyetso tsa Jehova e le habohlokoa? (Esa. 5:20) Re lokela ho tšoareha mesebetsing efe e molemo? (4) “Ho Boloka Tšepo ea Rōna ho Jehova.” Re tla thusoa ke’ng hore re eme re tiile ha re talimane le liteko? Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha hlokahala hore re siee lintho tse ling matsohong a Jehova? (5) “Na U Tla Nkoa U Tšoaneloa ke ’Muso oa Molimo?” (Bakol. 1:10) Ke mehlala efe ea Bibele e re susumelletsang hore re ’ne re tsamaee ka tsela e tšoanelang Jehova? (6) “Tšepa Litšepiso Tsa Jehova.” See se tla ama bophelo ba rōna joang?

Pina ea 58 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 September

Pina ea 7

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4, lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa October 1 le Tšoha! ea October 8. Lokisetsa pontšo ea moholo le mohoeletsi ea fokolloang ke bophelo ba paka ka thelefono. Bua ka litokisetso tsa ho qetela tsa tšimo e sa abuoang. Kaha October ke khoeli ea ho qetela ea phutuho ea tšimo e sa abuoang, khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo. Haeba ho le molemo haholoanyane, liphutheho li ka ’na tsa sebetsa tšimo ea tsona e sa abuoang mafelo-bekeng a la 1 le la 2 November.

15 mets: Re Finyeletse Eng Selemong se Fetileng? Molebeli oa tšebeletso o hlahloba lintlha tse khōlō tsa tlaleho ea phutheho ea selemo sa tšebeletso sa 2003. Babatsa phutheho ka mosebetsi o motle oo e o entseng. Akarelletsa le lintlha tse loketseng tsa tlaleho ea molebeli oa potoloho ea nakong e fetileng. Bolela pakane e le ’ngoe kapa tse peli tse ka finyelloang selemong sena.

20 mets: Na Malumeli ’Ohle aa Amoheleha ho Molimo? Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka. Hlalosa kamoo ho ka buisanoang le motho kateng ka ntlha ena. (rs-SU leq. 71-3) Totobatsa mekhoa e seng mekae eo bolumeli bo nepahetseng bo ka tsejoang ka eona. (rs-SU leq. 78-9) Tšebeletso ea rōna e thusa ba bang ho khetha mofuta oa bolumeli o amohelehang ho Molimo.—Bakol. 1:9, 10.

Pina ea 39 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 September

Pina ea 194

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa September. Bua ka lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka October. Lokisetsa pontšo e khutšoanyane ea kamoo ho ka qalisoang thuto ea Bibele ka bukana ea Seo a se Hlokang.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Ikapeseng Boikokobetso.”b Kōpa bamameli hore ba hlalose kamoo mangolo a sebetsang kateng.

Pina ea 224 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 6 October

Pina ea 170

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khoeling ena re etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. Ka bokhutšoanyane hlahloba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May 2002, leqepheng la 1, serapeng sa 1 sa sehlooho se reng “Na U Sebelisa Bukana ea Seo a se Hlokang ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele?”

15 mets: “Tiisa Hore U Beha Lintho Tse Tlang Pele Sebakeng sa Pele!” Puo le puisano le bamameli e thehiloeng sehloohong se Molula-Qhooeng oa September 1, 1998, leqepheng la 19-21. Bolela matsatsi a liketsahalo tsa puso ea Molimo tse lokiselitsoeng bakeng sa likhoeli tse ’maloa tse latelang, ’me u khothalletse e mong le e mong ho tšoaea matsatsi ana almanakeng ea hae. Kōpa bamameli ho bolela hore na ba etsa joang hore ba qobe ho fosoa ke litokisetso tsa moea.

20 mets: Ho Hanela Khatello ea Lithaka. Buisana le moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea hōletseng lelapeng la Bokreste. Bua ka lintlha tse khethiloeng Molula-Qhooeng oa February 15, 2003. Mor’abo rōna o ile a talimana le khatello efe sekolong? (leq. 24 ser. 3; leq. 25 ser. 4-5) Na o kile a talimana le tšusumetso e kotsi ea ba bang? (leq. 26 ser. 4-6) Na o sa ntse a talimana le khatello ea lithaka ha a se a le moholo? O thusitsoe ke eng ho hlōla khatello ea hore a tšoane le ba bang? Phetha ka puo e khutšoanyane e thehiloeng Molula-Qhooeng oa August 1, 1999, leqepheng la 24-5, ’me u totobatse melemo ea ho hlaolela botsoalle bo hahang.

Pina ea 26 le thapelo e koalang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela