Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/03 leq. 1
  • Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2004

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2004
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sekolo se re Hlomellang Bakeng sa Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Kamoo Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se re Ruisang Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Kemiso e Ncha ea Liboka Tsa Phutheho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Ho Rua Molemo ka Botlalo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 12/03 leq. 1

Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2004

1 Jehova o hlomella batho ba tloaelehileng ho etsa mosebetsi oa bohlokoa lefatšeng ka bophara. Tsela e ’ngoe eo a etsang sena ka eona ke ka thuto e fanoang beke le beke Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Na u kopanela ka hohle kamoo maemo a hao a u lumellang? Ka January ho tla ba le liphetoho tse seng kae tseo morero oa tsona e leng ho thusa liithuti ho fumana se molemohali litokisetsong tsena.

2 Ho Chenchana ha Batlatsi ba Molebeli oa Sekolo: Barab’abo rōna ba fanang ka puo ea taeo le lintlha tse khōlō tsa Bibele ba ananetse litlhahiso tse fanoang ke motlatsi oa molebeli oa sekolo. Ha ho e-na le baholo ba tšoanelehang ba lekaneng, selemo le selemo ho ka ba le moholo e mong osele kabelong ea motlatsi oa molebeli oa sekolo. Ka tsela ena, mosebetsi o ka arolelanoa; empa habohlokoa le ho feta, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang ba tla rua molemo phihlelong ea libui tse sa tšoaneng tse hloahloa le matichere.

3 Kemiso ea Tlhahlobo: Haeba phutheho ea lōna e e-na le kopano ea potoloho bekeng ea tlhahlobo, joale tlhahlobo eo (le lipuo tse ling tsohle tsa beke eo) e lokela ho tšoaroa bekeng e latelang ’me lipuo tsa beke eo e latelang li tla tšoaroa kopanong. Leha ho le joalo, ha tlhahlobo e thulana le ketelo ea molebeli oa potoloho, ha ho hlokahale hore ho fetoloe lipuo tsohle tsa beke eo. Ho e-na le hoo, ho lokela hore ho sebelisoe pina, tšobotsi ea puo le lintlha tse khōlō tsa Bibele tse kemisong. Puo ea taeo (e fanoang ka mor’a tšobotsi ea puo) e lokela ho nkoa kemisong ea beke e latelang. Lintlha tse khōlō tsa Bibele li tla lateloa ke Seboka sa Tšebeletso sa metsotso e 30, se ka fetoloang hore se be le lipuo tse tharo tsa metsotso e 10 kapa tse peli tsa metsotso e 15. (Litsebiso ha lia lokela ho ba teng.) Seboka sa Tšebeletso se tla lateloa ke pina le puo ea molebeli oa potoloho ea metsotso e 30. Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa beke e latelang ho tla ba le tšobotsi ea puo le lintlha tse khōlō tsa Bibele tse kemisong, li lateloe ke tlhahlobo.

4 Sebelisa hamolemo monyetla o mong le o mong hore u hōle moeeng. Ha u ntse u rua molemo thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, u khothatsa phutheho ea heno, u phetha karolo e itseng phethahatsong ea boprofeta ba Bibele le ho tlisa thoriso ho Mong’a molaetsa ona o babatsehang oo re lokelang ho o phatlalatsa.—Esa. 32:3, 4; Tšen. 9:19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela