Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/03 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 8 December
  • Beke e Qalang ka la 15 December
  • Beke e Qalang ka la 22 December
  • Beke e Qalang ka la 29 December
  • Beke e Qalang ka la 5 January
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 12/03 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 8 December

Pina ea 221

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Bolela litokisetso tse khethehileng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa la 16 December. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa December 15 le Tsoha! ea January 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8. Pontšong ka ’ngoe, limakasine tsena li lokela ho tsamaisoa li le peli le hoja ho buelloa e le ’ngoe.

20 mets: Sebelisa Sabole ea Moea. (Baef. 6:17) Puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 143-4. Kōpa bamameli ho araba lipotso tsena: (1) Ke hobane’ng ha re sebelisa Bibele ha re arabela lipotso? (2) Lebitso la Lipaki Tsa Jehova le bolela’ng ka rōna? (3) Jesu o ile a beha mohlala ofe, ’me re ka mo etsisa joang? (4) Tšimong ea phutheho, litsela tse ling tse atlehang tsa ho kenyelletsa mehopolo ea Bibele ke life? (5) Ke hobane’ng ha ho le molemo ho bala Bibele ka ho toba neng le neng ha ho khoneha? (6) Baholo ba ka khothatsa ba bang joang hore ba sebelise Bibele hamolemo? Lokisetsa hore ho be le pontšo e lokiselitsoeng hantle e thehiloeng boítlhakísong bo leqepheng la 144 eo ho eona mohoeletsi ea tšoanelehang a sebelisang bonyane lengolo le le leng ho araba potso. Khothalletsa bohle ho iketsetsa pakane ea ho sebelisa Bibele neng le neng ha ba fana ka bopaki.

15 mets: “Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2004.” Puo ka molebeli oa sekolo. Akarelletsa le litlhaloso tse thehiloeng kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 2003.

Pina ea 108 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 December

Pina ea 71

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bolela litokisetso tse khethehileng tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa la 25 December le la 1 January.

15 mets: Thuto ea Botho—Ketso ea Borapeli. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa October, 2000, leqepheng la 14-15, serapeng sa 6-10.

20 mets: “Thusa ba ‘Nang le Tšekamelo e Nepahetseng.’”a Sebelisa lipotso tse lokiselitsoeng. Hlahloba letoto la litlhahiso tse mabapi le ho etsa maeto a ho boela lebokoseng le leqepheng la 3 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1997.

Pina ea 42 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 December

Pina ea 10

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Lokisetsa hore ho be le lipontšo tsa kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa January 1 le Tsoha! ea January 8 ho sebelisoa litlhahiso tse leqepheng la 8.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

15 mets: Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Hoa Putsa. Puo le puisano le bamameli. Pheta liphihlelo tse seng kae tse tsoang libukeng tsa rōna mabapi le lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele. (w00-SU 3/1 leq. 6; yb98-SU maq. 55-60) Kōpa bamameli ho hlalosa seo re ithutang sona liphihlelong tseo le kamoo re ruang molemo kateng ha re khanna lithuto tsa Bibele.

Pina ea 209 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 December

Pina ea 200

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa bahoeletsi bohle hore ba nehelane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa December. Bolela lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka January.

15 mets: Liphihlelo tsa phutheho. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona ha ba paka tšimong ea phutheho kapa e sa abuoang, kapa ha ba etsa bopaki bo sa reroang mosebetsing, sekolong, kapa libakeng tse ling.

20 mets: “Ho Batla ba Tšoanelehang.”b Etsa hore boitsebiso bona bo sebetse phuthehong ea heno. Beng ba matlo ba atisa ho ba lapeng neng? Ho sebetsa tšimo lihoreng tsa mantsiboea ho bile le liphello life? Ho ka sebelisoa mekhoa efe ho kopana le batho ba bang teng lapeng seoelo?

Pina ea 182 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 5 January

Pina ea 103

5 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Mosebetsi oa Lōna Hase oa Lefeela. (1 Bakor. 15:58) Puisano le bamameli. Lokisetsa esale pele hore bahoeletsi ba bileng mafolofolo ka lilemo tse ngata ba phete makolopetso a mabapi le mosebetsi oa ho paka oa mehleng ea khale. Phutheho e ne e e-na le litho tse kae? Phutheho e ne e fuoe tšimo e kae? Batho ba ne ba arabela joang molaetseng oa ’Muso? Ba ne ba tobana le khanyetso ea mofuta ofe? Mosebetsi oa ’Muso o eketsehile joang tšimong ea phutheho ho theosa le lilemo?

25 mets: “Katoloso Lekaleng la Afrika Boroa.” Puo eo bamameli ba nkang karolo ho eona. Ha le tšohla serapa sa 9-14, babatsa barab’abo rōna ka menehelo ea Mosebetsi oa Lefatše Lohle eo ba e etsang ka seatla se bulehileng. Leha ho le joalo, ka lebaka la litšenyehelo tse amehang katolosong ea lekala, khothalletsa bahoeletsi le phutheho ho nahanisisa ka seo ba ka se etsang ho thusa ka menehelo ea lichelete.

Pina ea 7 le thapelo e koalang

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela