Karolo ea 5: Ho Lekanyetsa Boitsebiso bo Lokelang ho Akaretsoa
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1 Ha Jesu a ne a ruta, o ne a nahanela mefokolo ea barutuoa ba hae, a bua le bona “ho ea kamoo ba neng ba ka utloisisa kateng.” (Mar. 4:33, BPN; Joh. 16:12) Ka tsela e tšoanang, ho hlokahala hore mesuoe ea Lentsoe la Molimo kajeno e lekanyetse hore na ke boitsebiso bo bokae bo tla akaretsoa thutong ea Bibele. Hore na ho ka ithutoa boitsebiso bo bokae ho tla itšetleha ka bokhoni le maemo a mosuoe le seithuti.
2 Haha Tumelo e Matla: Liithuti tse ling li ka ’na tsa hloka hore sehlooho se aroloe likarolo tse peli kapa tse tharo e le hore li ka utloisisa seo liithuti tse ling li se utloisisang habonolo feela thutong e le ’ngoe. Ha re batle ho sitisa seithuti ho fumana kutloisiso e hlakileng hobane feela re habile ho qeta thuto kapele. Ho hlokahala hore seithuti se seng le se seng se be le motheo o tiileng oa tumelo eo se sa tsoa e fumana Lentsoeng la Molimo.—Liprov. 4:7; Bar. 12:2.
3 Ha u ntse u khanna thuto beke le beke, qeta nako leha e le efe e hlokahalang bakeng sa ho thusa seithuti ho utloisisa le ho amohela seo se ithutang sona Lentsoeng la Molimo. U se ke ua potlaka hoo seithuti se sa rueng molemo ’neteng e rutoang. Etsa hore ho be le nako e lekaneng ea ho lebisa tlhokomelo lintlheng tsa sehlooho le ho hlahloba mangolo a sehlooho ao lithuto tseo li thehiloeng ho ’ona.—2 Tim. 3:16, 17.
4 Qoba Ho Tosa Thuto: Le hoja re batla ho qoba ho etsa mabalankoe, hape re lokela ho qoba ho hlahlathela. Haeba seithuti se tloaetse ho bua haholo ka litaba tsa sona, re ka ’na ra lokisetsa ho buisana ka tsona ka mor’a thuto.—Moek. 3:1.
5 Ka lehlakoreng le leng, ha re chesehela ’nete ho ka ba thata ho qoba ho bua mocha-o-chele nakong ea thuto. (Pes. 145:6, 7) Ka linako tse ling ntlha e ka thōko kapa phihlelo e ka phelisa thuto, empa re ne re ke ke ra rata hore li be ngata kapa li be telele hoo li sitisang seithuti ho fumana tsebo e nepahetseng ea lithuto tsa motheo tsa Bibele.
6 Ka ho akaretsa boitsebiso bo lekaneng thutong ka ’ngoe, re thusa liithuti tsa Bibele ho ‘tsamaea leseling la Jehova.’—Esa. 2:5.