Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/05 leq. 5
  • Kemiso ea Lelapa—Temana ea Letsatsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Lelapa—Temana ea Letsatsi
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lijo Tsa Moea Tsa Letsatsi le Letsatsi—Li Bohlokoa Bakeng sa Lelapa la Bokreste
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Etsa Kemiso ea Lelapa e Sebetsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Nahanisisa ka Lentsoe la Jehova Letsatsi le Leng le le Leng!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Na Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla ho U Tsoela Molemo?
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 5/05 leq. 5

Kemiso ea Lelapa—Temana ea Letsatsi

1 Letsatsi ka leng batsoali ba lerato ba etsa boiteko bo matla ba ho lokisetsa bana ba bona lijo tse nang le phepo e ntle. Taba ea bohlokoa le ho feta ke hore ba ba lokisetse lijo tsa moea tse tsoang Lentsoeng la Molimo. (Mat. 4:4) Tsela e ’ngoe eo ka eona u ka thusang bana ba hao hore ba be le takatso e loketseng ea lijo tsa moea le ho “hōlela polokong” ke hore letsatsi le letsatsi le be le nako ea ho hlahloba temana ea letsatsi le litlhaloso le le lelapa. (1 Pet. 2:2) U ka kopanyelletsa see neng kemisong ea hao ea lelapa?

2 Nakong ea Lijo: Ho qalisa letsatsi la lōna ka ho tšohla temana ho ka thusa lelapa la lōna ho hopola Jehova letsatsi lohle. (Pes. 16:8) ’Mè e mong o ile a etsa qeto ea ho bala le ho tšohla temana le litlhaloso le mor’a hae ha a ntse a e-ja lijo tsa hoseng le ho rapela le eena pele a ea sekolong. Sena se ile sa mo matlafatsa hore a se ke a sekisetsa ha a talimane le taba e amang bochaba le hore a hanele meleko ea boitšoaro bo bobe le ho pakela liithuti le matichere ka sebete. Le hoja e ne e le eena feela Paki sekolong seo, ha ho mohla a kileng a ikutloa eka o mong.

3 Haeba ho sa khonehe ho buisana ka temana ea letsatsi hoseng, le ka ’na la e tšohla hamorao letsatsing leo le le lelapa, mohlomong nakong ea lijo tsa mantsiboea. Nakong ena, ba bang ba buisana ka liphihlelo tsa tšebeletso ea tšimo le lintlha tseo ba li thabetseng ha ba ntse ba bala Bibele ba le bang. Ba bangata ba hopola ka thabo ketsahalo e joalo ea ho lula tafoleng, e le e ’ngoe ea linako tse monate ka ho fetisisa tseo ba neng ba li qeta ’moho e le lelapa.

4 Bosiu: Malapeng a mang, nako e molemo ka ho fetisisa ea ho tšohla temana ea letsatsi ke bosiu pele ho robaloa. Ena e ka boela ea e-ba nako e molemo ea ho rapela ’moho. Ha bana ba hao ba utloa u bua ka Jehova letsatsi le letsatsi ebile u mo rapela, e ba motho oa sebele ho bona.

5 E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho kenya ’nete ka botebo ho bana ba hao ha u ntse u sebelisa hamolemo bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela