Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/06 leq. 1
  • Tsoha! e Khethehileng e Tla Tsamaisoa ka September

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoha! e Khethehileng e Tla Tsamaisoa ka September
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoha! e Khethehileng e Tla Tsamaisoa ka November!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Babali ba Ratehang
    Tsoha!—2006
  • Ho Nehelana ka Lipeeletso ka Ntlo le Ntlo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Haha Tumelo ho ’Mōpi oa Moloko oa Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 8/06 leq. 1

Tsoha! e Khethehileng e Tla Tsamaisoa ka September

1 Hoo e ka bang batho bohle ba thabela ho utloa meloli ea linonyana le ho bona letsatsi ha le likela. Leha ho le joalo, ba bangata ha ba lumele hore Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo ke eena ea bōpileng lintho tsena. Re tla ba le monyetla o ikhethang oa ho paka hore Jehova ke ’Mōpi ha re tsamaisa Tsoha! e khethehileng. (Esa. 40:28; 43:10) Tsoha! ena ea September kaofela ha eona e tšohla sehlooho se reng “Na ’Mōpi o Teng?”

2 Tšimong: Haeba u khona, lokisetsa ho kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo le phutheho ka Moqebelo o mong le o mong. Ho hlakile hore u lokolohile ho fana ka Tsoha! ena e khethehileng ka nako leha e le efe har’a beke. Ha ho pelaelo hore mesuoe le ba bang bao mosebetsi oa bona o amanang le thuto ba tla thahasella makasine ena. Kahoo, ho ka etsoa litokisetso tse khethehileng tsa hore ho eteloe batho ba mofuta oo tšimong ea habo lōna.

3 Haeba motho a bontša thahasello, mo botse potso eo u tla e araba ha u mo etela hape. Ka mohlala, u ka ’na ua botsa potso e mabapi le hore na ke hobane’ng ha ’Mōpi ea lerato a lumella mahlomola a mangata hakana. Joale leetong la ho boela, u ka buella khaolo ea 1 kapa ea 11 ea buka ea Seo Bibele e se Rutang. Kapa mohlomong u ka khetha ho botsa potso e mabapi le morero oa ’Mōpi ka lefatše, ebe le tšohla khaolo ea 3 ha u khutlela ho eena.

4 Sekolong: Haeba u sa ntse u kena sekolo, ke hobane’ng ha u sa fe mesuoe le bana bao u kenang sekolo le bona Tsoha! ee e khethehileng e le mpho? Ho beha makasine ena feela deskeng ea hao ho ka ’na ha susumetsa ba bang hore ba botse ho hong mabapi le seo re se lumelang. U ka ’na ua fumana menyetla ea ho sebelisa boitsebiso ba eona ha u buella tumelo ea hao ho liithuti tse ling ka tlelaseng le ha u ngola meqoqo. Makasine ena e tla u thusa hobane e na le sehlooho sa “Bacha Baa Botsa” se reng “Nka Buella Seo ke se Lumelang ka Pōpo Joang?”

5 Jehova o tšoaneloa ke tlhompho le khanya ka lebaka la seo a se bōpileng. (Tšen. 4:11) Re ka hlompha ’Mōpi oa rōna le ho thusa ba bang ho etsa joalo ka ho cheseha ha re tsamaisa Tsoha! ena ea September.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela