Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/07 leq. 1
  • Tsoha! e Khethehileng e Tla Tsamaisoa ka November!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoha! e Khethehileng e Tla Tsamaisoa ka November!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re ka Qalang Lithuto Tsa Bibele Moo re Siileng Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ha re Tsamaisa Buka ea Seo Bibele e se Rutang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Tsoha! e Khethehileng e Tla Tsamaisoa ka September
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Khutlela ho ea Thusa Batho ho Ithuta Kamoo ba ka Phelang ka ho sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 10/07 leq. 1

Tsoha! e Khethehileng e Tla Tsamaisoa ka November!

1 Batho ba bangata ba ipotsa lipotso tse utloahalang mabapi le bohlokoa ba Bibele. Haeba e ngotsoe ke batho, ke hobane’ng ha ho thoe ke Lentsoe la Molimo? Ke hobane’ng ha ke lokela ho tšepa Bibele hore e tsamaise mehato ea ka? Ke tla fumana melemo efe ka ho bala le ho ithuta Bibele? Ke phetolelo efe ea Bibele eo ke lokelang ho e sebelisa? Tsena ke tse ling tsa lipotso tse arajoang Tsoheng! e khethehileng ea November e nang le sehlooho se reng “Na U ka Tšepa Bibele?”

2 Re lokela ho tsamaisa Tsoha! ena e khethehileng ka ho pharaletseng tšimong ea rōna. Haeba ho khoneha, kopanela le phutheho tšebeletsong ea ntlo le ntlo Moqebelo o mong le o mong khoeling ea November. Bontša beng ka uena, baahelani, basebetsi-’moho, matichere, bao u kenang sekolo le bona le batho bao u khutlelang ho bona Tsoha! ena e khethehileng. Nka tse seng kae ha u e-ea mabenkeleng leha u nka leeto. Ofisi ea lekala e tla romela likopi tse eketsehileng e le hore phutheho e be le limakasine tse lekaneng.

3 Qalisa Thuto ea Bibele: Ha u tsamaisa makasine ena, u ka rala motheo bakeng sa thuto ea Bibele pele u phethela moqoqo oa lōna. Ka mohlala, u ka ’na ua re, “Nakong e tlang, nka lakatsa ho u bontša hore na Bibele e arabela joang potso e reng, ‘Morero oa Molimo ka lefatše ke ofe?’” Ha u khutla u tle le buka ea Seo Bibele e se Rutang ebe u bontša mong’a ntlo leqephe la 4-5, kapa u tšohle serapa sa 1-3 khaolong ea 3. Kapa u ka ’na ua re, “Nakong e tlang, nka lakatsa ho bua le uena ka boprofeta ba Bibele bo ntseng bo phethahala hona joale.” Ha u khutla, bontša mong’a ntlo khaolo ea 9 bukeng eo ebe le tšohla serapa sa 1-3. Kapa u ka ’na ua re feela ho mong’a ntlo: “Batho ba bangata ba thatafalloa ho utloisisa seo ba se balang Bibeleng. Nakong e tlang, ke tla lakatsa ho u bontša kamoo u ka utloisisang Bibele hamolemo kateng.” Ha u etsa leeto la ho boela, mo bontše buka ea Seo Bibele e se Rutang, ebe u mo bontša hore na thuto e khannoa joang.

4 Ke Bibele feela e nang le “lingoliloeng tse halalelang,” tse khonang ho re “hlalefisetsa poloko.” (2 Tim. 3:15) Ka hona, kaofela ha rōna re lokela ho kopanela ka mafolofolo ho aba Tsoha! e khethehileng ho thusa batho hore ba ithute ho tšepa Bibele!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela