Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Sept. 15
Bolella motho ntho e ’ngoe eo ho buuoang ka eona litabeng hona joale eo batho ba amehileng ka eona. Ebe oa mo botsa: “Na u nahana hore temana ee ea Bibele e hlalosa ka ho nepahetseng linako tseo re phelang ho tsona? [Bala 2 Timothea 3:1, ebe u emela karabo.] Sehlooho sena se tšohla bopaki ba hore re phela matsatsing a ho qetela ebile se bontša hore na re lokela ho etsa eng.”
Tsoha! Sept.
“Batho ba bangata ba lumela hore re bōpiloe. Ba bang ba lumela hore re fetohile ho tsoa nthong e itseng. Uena u re’ng ka taba ee? [Emela karabo.] Mamela tlhahiso ena e etselitsoeng ho re thusa hore re etse qeto e nepahetseng. [Bala Jobo 12:7, 8.] Tsoha! ena e khethehileng e tšohla seo re ka ithutang sona bohlaleng le boqaping bo bonahalang tlhahong.”
Molula-Qhooa Oct. 1
“Litsebi tsa baeloji li ntse li leka ho felisa maloetse le ho lelefatsa nako ea bophelo ba rōna. Na u nahana hore qetellong batho ba tla ke ba khone ho phela ka ho sa feleng? [Emela karabo.] Hlokomela hore na ke hobane’ng ha re labalabela ho phela halelele. [Bala Moeklesia 3:11.] Makasine ena e hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo a re bōpile re e-na le takatso ea ho phela ka ho sa feleng.”
Tsoha! Oct.
“Hoo e batlang e le batho bohle ba thabela ho shebella thelevishene. Empa na u nahana hore ho hlokahala hore re khethe seo re se shebellang? [Emela karabo. Ebe u bala Liproverbia 13:20.] Makasine ena e tšohla litsela tseo thelevishene e re susumetsang ka tsona, ’me e fana ka litlhahiso tsa ho laola tsela eo re e shebellang ka eona.”