Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/07 leq. 8
  • Na U Malala-a-laotsoe Bakeng sa Koluoa ea Tlhaho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Malala-a-laotsoe Bakeng sa Koluoa ea Tlhaho?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u se u Itokisitse?
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Thusa Batho ba Bang ho Mamella Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Lebokose La Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Ntoa ea Batho Khahlanong le Likoluoa
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 1/07 leq. 8

Na U Malala-a-laotsoe Bakeng sa Koluoa ea Tlhaho?

1. Ke hobane’ng ha e le bohlale hore re lule re le malala-a-laotsoe bakeng sa likoluoa?

1 Selemo se seng le se seng, batho ba limilione lefatšeng ka bophara, ho akarelletsa le bara le barali babo rōna, ba angoa ke litšisinyeho tsa lefatše, litsunami, lipula tse nang ka sefefo, maholiotsoana, litsokotsane le likhohola. Kaha likoluoa tsa tlhaho li hlaha ka tšohanyetso ’me li ka ama mang kapa mang oa rōna, ke bohlale hore re lule re le malala-a-laotsoe.—Liprov. 21:5.

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho fa baholo liaterese tsa rōna tse nakong le (li)nomoro ea thelefono?

2 Pele Koluoa e Hlaha: Ka linako tse ling ba boholong ba khona ho fana ka temoso pele likoluoa li hlaha. Ke habohlokoa hore re ele hloko litemoso tseo. (Liprov. 22:3) Maemong a joalo baholo ba tla leka ho ikopanya le bohle ba kopanelang le phutheho e le ho ba thusa ho etsa litokisetso tse hlokahalang. Ka mor’a koluoa, baholo ba tla boela ba leke ho ikopanya le bohle ba kopanelang le phutheho e le ho bona hore na ba sireletsehile le ho fumana hore na ho hlokahala thuso ea mofuta ofe. Nako ea bohlokoa e ka senyeha haeba baholo ba se na boitsebiso bo nakong. Kahoo ke ntho e ntle hore bahoeletsi ba fe mongoli le molebeli oa bona oa thuto ea buka liaterese tse nakong le (li)nomoro ea thelefono.

3. Re ka sebelisana le baholo joang haeba re lula sebakeng seo likoluoa li hanellang ho sona?

3 Haeba phutheho e le sebakeng seo likoluoa li hanellang ho sona, baholo ba ka ’na ba kōpa bahoeletsi hore ba ba fe mabitso le linomoro tsa thelefono tsa beng ka bona kapa tsa metsoalle e sa luleng sebakeng se haufi le seo le ba ka letsetsoang maemong a tšohanyetso. Sena se tla thusa baholo hore ba fumane batho ba tsoileng sebakeng seo koluoa e hlahileng ho sona. Hape baholo ba ka ’na ba etsetsa phutheho litokisetso tsa maemo a tšohanyetso tse akarelletsang lintho tse joaloka lethathamo la lintho tse lokelang ho lula li le teng tse ka sebelisoang maemong a tšohanyetso, litokisetso tsa ho tsoa sebakeng seo koluoa e hlahileng ho sona le litokisetso tsa ho thusa batho ba nang le litlhoko tse khethehileng. Ke habohlokoa hore re tšehetse litokisetso tsena tse etsoang ka lerato.—Baheb. 13:17.

4. Re lokela ho etsa’ng haeba ho hlaha koluoa sebakeng seo re lulang ho sona?

4 Ka Mor’a Koluoa: U lokela ho etsa’ng haeba ho hlaha koluoa sebakeng sa heno? Etsa bonnete ba hore lelapa la hao le na le lintho tsa motheo tsa nama. Etsa sohle se matleng a hao ho thusa bohle ba amehileng. Leka ka hohle hore u iteanye le molebeli oa hao oa thuto ea buka kapa moholo e mong kapele kamoo ho ka khonehang kateng. U lokela ho iteanya le eena esita le haeba u sireletsehile ’me u sa hloke thuso. Haeba u hloka thuso, kholiseha hore barab’eno ba leka ho u thusa ka hohle kamoo ba ka khonang kateng. (1 Bakor. 13:4, 7) Hopola hore Jehova o tseba boemo ba hao; itšetlehe ka eena hore a u tšehetse. (Pes. 37:39; 62:8) Falimehela menyetla ea ho tšehetsa ba bang moeeng le maikutlong. (2 Bakor. 1:3, 4) Tsosolosa kemiso ea hao ea puso ea Molimo kapele kamoo ho ka khonehang kateng.—Mat. 6:33.

5. Tšokelo ea koluoa e re ama joang re le Bakreste?

5 Le hoja tšokelo ea koluoa e jesetsa lefatše khoebeleng, rōna re ka lebella bokamoso ka sebete. Haufinyane likoluoa tsohle li ke ke tsa hlola li e-ba teng. (Tšen. 21:4) Ha re sa ntse re letetse nako eo, re ka etsa se matleng a rōna hore re be malala-a-laotsoe bakeng sa linako tsa khathatso le mathata, ’me re lule re bolella ba bang litaba tse molemo ka cheseho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela