Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Apr. 15
“Ho bonahala liketso tse sehlōhō li ntse li ja setsi. [Fana ka mohlala oa sebakeng seo, kapa o tsoang makasineng.] Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba le sehlōhō hakaale? [Emela karabo.] Bibele e ile ea profeta hore liketso tse sehlōhō li ne li tla eketseha. [Bala 2 Timothea 3:1-5.] Makasine ena e araba potso ena e reng, ‘Na liketso tse sehlōhō li tla ke li fele?’”
Tsoha! Apr.
“Batho ba bangata ba re ke Bakreste. Ebe u ka re ho ba Mokreste ho bolela’ng? [Emela karabo.] Hlokomela seo Jesu a se buileng mona. [Bala Johanne 15:14.] Sehlooho sena se bontša hore ho ba Mokreste hase taba ea ho ipolela ka molomo feela.” Buella sehlooho se qalang leqepheng la 26.
Molula-Qhooa May 1
“Ha ngoana a shoa, batsoali ba utloa bohloko bo tebileng le ba nako e telele. U nahana hore ba ka fumana matšeliso hokae? [Emela karabo. Ebe u bala Baroma 15:5.] Makasine ena e tšohla litsela tse ling tseo ka tsona Molimo a fanang ka matšeliso ho ba siameng.”
Tsoha! May
“Batho ba bang ba ruile, ha ba bang ba limilione ba futsanehile. Na u nahana hore ho na le mohla re tla ke re lekane? [Emela karabo.] Hlokomela kamoo Molimo a talimang ba futsanehileng kateng. [Bala Pesaleme ea 22:24.] Makasine ena e hlalosa tšepo ea Bibele bakeng sa ba futsanehileng.”