Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho
Jehova o lokeloa ke thoriso. Re ka rorisa Jehova joang? Batho ba bang ba thulana le mathata afe tabeng ee? Ba rorisang Molimo hona joale ba tleloa ke litlhohonolofatso life? Lenaneo la kopano ea potoloho ea selemo sa tšebeletso sa 2008 le tla araba lipotso tsena ka tsela e khotsofatsang. Sehlooho sa eona se re “Le Etse Lintho Tsohle Bakeng sa Thoriso ea Molimo.” (1 Bakor. 10:31) Nahana ka seo re tla se fumana matsatsing ao a mabeli a thuto e matlafatsang ea moea.
Molebeli oa Setereke o tla bua ka sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tlotlisa Molimo?” le se reng “Beha Mohlala o Motle ho Phethahatseng Seo Molimo a se Hlokang.” O tla fana ka puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng, “Ke Bo-Mang ba Tlotlisang Molimo?” le puo e koalang lenaneo e nang le sehlooho se reng, “Ho Tlotlisa Molimo re Momahane Lefatšeng ka Bophara.” O tla tšoara le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Molebeli oa potoloho o tla beha lipuo tse nang le lihlooho tse reng, “Thabela ho Bonahatsa Thoriso ea Molimo,” “Ho Hlokomela Litlhoko Tsa Potoloho” le “Lulang ‘le Tsepame ’Neteng’” e thehiloeng ho 2 Petrose 1:12. Ho phaella moo, re tla ithuta hore na “Tšebeletso ea Bopula-Maliboho e Tlotlisa Molimo” joang. Neheletsano ea pele ho tse peli e nang le sehlooho se reng “Ho Tlotlisa Molimo Likarolong Tsohle Tsa Bophelo ba Rōna,” e tla tšohla botebo ba se boleloang ke mantsoe a bululetsoeng a ho 1 Bakorinthe 10:31. Neheletsano ea bobeli e nang le sehlooho se reng “Ho Rorisa Jehova ka ho Etsa Tšebeletso e Halalelang” e tla bua ka litšobotsi tse fapa-fapaneng tsa borapeli ba rōna. Ka Sontaha re tla thabela kakaretso ea Molula-Qhooa le ho tšohloa ha temana ea letsatsi. Hape ho tla ba le nako ea kolobetso.
Batho ba bangata ba hana ho tlotlisa Molimo. Ba bang ba nkehile ke merero ea batho hoo ba sitoang ho nahana ka boholo ba Jehova. (Joh. 5:44) Empa rōna re kholisehile hore ke habohlokoa ho ipha nako ea ho nahana ka hore re “Etse Lintho Tsohle Bakeng sa Thoriso ea Molimo.” Lokisetsa ho ba teng kopanong ena le ho rua molemo ka ho feletseng lenaneong lohle.