Lengolo le Tsoang Lekaleng
Bahoeletsi ba ’Muso ba Ratehang:
Re thabela ho bona tsoelo-pele ea mosebetsi e entsoeng selemong sa tšebeletso sa 2007 linaheng tse tlas’a lekala la Afrika Boroa! Ka April re ile ra finyella tlhōrō ea bahoeletsi ba 79 266 Afrika Boroa. Ka January Lesotho le ile la tlaleha tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 3 376 ’me Botswana e ile ea finyella tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1 681. Namibia e ile ea tlaleha tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1 499 ka March ’me Swaziland ea tlaleha bahoeletsi ba 2 529 ka April. Le entse hantle haholo barab’abo rōna! Ha rea ka ra finyella pakane ea rōna ea bo-pula-maliboho ba thusang ba 14 000 ka April, joalokaha ho ne ho khothalelitsoe kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February. Leha ho le joalo, ka kakaretso batho ba 9 036 ba ile ba kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang linaheng tsohle tse tlas’a lekala la rōna.
Ka September 2006 ba bangata ba ile ba thabela ho aba Tsoha! e khethehileng. Ka mor’a moo re ile ra ba phutuhong ea ho tsamaisa Kingdom News No. 37, “Bolumeli Ba Bohata Bo Haufi Le Ho Fela!” Morali e mong oabo rōna ea neng a se a sa kopanele o ile a hlobaela ka mor’a hore a e fumane ’me a e bale. Ka Sontaha sa beke e latelang, o ile a ea sebokeng eaba o kōpa hore a khanneloe thuto ea Bibele. Phutuho e khethehileng ea ho memela batho likopanong tsa setereke le eona e ile ea etsa hore ba bangata ba be teng likopanong tseo. Mohlankana e mong oa KwaZulu-Natal o ile a amohela memo ’me a ba teng. Ho tloha nakong eo, ha ho seboka se mo fosang ’me hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Batho ba bang ba sebaka seo ba bone liphetoho tse entsoeng ke mohlankana enoa ’me le bona ba kōpile ho khanneloa lithuto tsa Bibele ebile ba ba teng libokeng. Selemong sena re tla boela re be le monyetla oa ho memela batho Kopano ea Setereke ea “Latelang Kreste!”
Liphutuho tsa mofuta ona li etsoa ka sepheo sa ho thusa batho ba tšepahalang hore ba ithute seo Bibele e hlileng e se rutang. (Mat. 28:19, 20) Ha u le boboleling, ela hloko moo u fumaneng thahasello teng, ebe u khutlela ka sepheo sa ho qalisa thuto ea Bibele. Re thabela ho tšoarisana le lōna mosebetsing ona oa bohlokoa, ’me re le lumelisa ka lerato le mofuthu la Bokreste.
Barab’abo lōna,
Ofisi ea Lekala ea Afrika Boroa