Ho Lokisetsa ho re Thusa ho Etsa Maeto a ho Boela a Atlehang
1. Tšebeletso ea Bokreste mehleng ea boholo-holo e ne e tla atoloha joang?
1 Jesu o ile a hlomella barutuoa ba hae ka botlalo hore e be baboleli ba atlehang ba “litaba tse molemo tsa ’muso.” (Mat. 4:23; 9:35) O ile a ba rupela nakong ea ha ba bolela sebakeng sa Palestina. Leha ho le joalo, pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a ba tsebisa hore tšebeletso ea Bokreste e tla atoloha hoo ‘batho ba lichaba tsohle ba tla etsoa barutuoa.’—Mat. 28:19, 20.
2. Ho mamela taelo ea Jesu ea ho ‘etsa barutuoa’ ho akarelletsa eng?
2 Mosebetsi oo o ne o akarelletsa ho khutlela ho batho ba amohetseng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo Kreste a li laetseng. Ho hlokahala re lokisetse hantle e le hore re etse maeto a ho boela a atlehileng.
3. Esita leha u etetse motho ka lekhetlo la pele, u ka rala motheo oa leeto la ho boela joang?
3 Lokisetsa Esale Pele: Bahoeletsi ba bang ba siea potso ha ba etetse motho ka lekhetlo la pele ebe ba tšepisa hore ba tla khutla ho tla e araba. Ba hlokometse hore ho sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang ha ba etsa leeto la ho boela ho ba thusitse ho qala thuto ea Bibele hang-hang.
4. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho emela limakasine tse ncha pele re etsa leeto la ho boela?
4 Ho ba le litokollo tse peli feela tsa limakasine tseo re li tsamaisang ka khoeli ha ho bolele hore re lokela ho emela ho fumana limakasine tsa khoeli e hlahlamang pele re khutlela ho motho. Re ka thusa motho hore a lule a thahasella molaetsa ka ho tšohla lintlha tse boletsoeng makasineng eo a seng a ntse a e-na le eona.
5. Ho ba le sepheo ha u etsa leeto la ho boela ho na le molemo ofe?
5 E-ba le Sepheo: Pele u khutlela, iphe nako ea ho hlahloba litlaleho tsa hao le ho rera seo u batlang ho se finyella. Ka mohlala, tšohla ntlha e boletsoeng ka har’a sengoliloeng seo u se siileng nakong e fetileng. Kapa u siee sengoliloeng se seng se tšohlang ntlha eo le buisaneng ka eona nakong e fetileng. Haeba u ile ua siea potso, ka sebele u lokela ho ikemisetsa ho e araba. Ha u bua ka temana e hlakisang taba eo leka ho e bala ka ho toba Bibeleng.
6. Boikemisetso ba rōna ha re etsa maeto a ho boela ke bofe?
6 Boikemisetso ba Rōna: Ho hlakile hore boikemisetso ba rōna ke ho qala thuto ea Bibele. Mora e mong oabo rōna o ile a buella thuto ea Bibele leetong la ho boela, empa monna eo a buang le eena a se ke a e amohela. Mor’abo rōna o ile a khutla a nkile limakasine tsa morao-rao, eaba o re, “Kajeno re thusa batho ho araba potso e le ’ngoe e hlahang ka Bibeleng.” Ka mor’a ho utloa maikutlo a monna eo, mor’abo rōna o ile a bala lengolo eaba o bala serapa se lumellanang le taba eo bukeng e sebelisoang ha ho khannoa lithuto tsa Bibele. O ile a qetella a khannela monna eo thuto ea Bibele ea kamehla.
7. Ho lokisetsa hantle ho u thusitse joang hore u qale thuto ea Bibele?
7 Ho ipha nako ea ho lokisetsa pele u etsa maeto a ho boela hase ho hamela letanteng. Thabo ea rōna e tla eketseha, ’me re tla ba le tlotla ea ho thusa motho ea nang le “tšekamelo e nepahetseng” hore a fumane bophelo.—Lik. 13:48.