Lebokose la Lipotso
◼ Re lokela ho etsa’ng ha re laeloa hore re khaotse ho bolela litaba tse molemo?
Ka linako tse ling mapolesa a ile a ea ho bahoeletsi ha ba ntse ba bolela litaba tse molemo ka litsela tse sa tšoaneng, a ba bolella hore ba tlōla molao, ’me ba khaotse ho bolela. Ha seo se u etsahalla, tloha sebakeng seo hang-hang ka tsela e bontšang tlhompho. (Mat. 5:41; Bafil. 4:5) U se ke ua leka ho sebetsa taba eo u le mong ka hore u bue ka litokelo tsa rōna tsa molao. Haeba ho khoneha, ka masene ngola nomoro ea boitsebahatso ea beche ea lepolesa leo le seteishene sa mapolesa seo le sebetsang ho sona. Ka mor’a moo, potlakela ho tsebisa baholo se etsahetseng, ’me bona ba tla tsebisa ofisi ea lekala. Ka ho tšoanang, haeba motho ea ikarabellang lifoleteng kapa mehahong e itseng kapa leha e le ofe ea nang le boikarabelo bo itseng a u laela hore u tsamaee, phetha taelo ea hae hang-hang, ebe u tsebisa baholo. U ka qoba mathata a sa hlokahaleng ka hore u be bonolo ’me u ikokobetse ha u sebelisana le ba boholong.—Liprov. 15:1; Bar. 12:18.