Tšireletso ea Mapolesa—Seo Batho ba se Tšepileng le Seo ba se Tšabang
MATHOASONG a lekholo la bo19 la lilemo, batho ba bangata Engelane ba ile ba hana tlhahiso ea hore ho be le mapolesa a apereng junifomo. Ba ne ba tšaba hore ha ’muso o busang o ka ba le lebotho le hlometseng, tokoloho ea bona e tla sokeloa. Ba bang ba ne ba tšaba hore ba tla qetella ba e-na le lihloela tsa mapolesa tse tšoanang le tsa Fora tlas’a Joseph Fouché. Leha ho le joalo, ba ile ba tlameha ho ipotsa potso e reng, ‘Re ne re tla etsa’ng ha mapolesa a ne a le sieo?’
London e ne e fetohile motse o moholo ka ho fetisisa le o ruileng ka ho fetisisa lefatšeng; tlōlo ea molao e ne e eketseha le ho sokela khoebo. Ho ne ho se ba sireletsang batho le thepa ea bona, ebang ke banna ba ithaopetseng ho lebela bosiu, litsebi tsa ho tšoara masholu kapa ’ona mafokisi a Bow Street Runners. Clive Emsley bukeng ea hae ea The English Police: A Political and Social History o re: “Tlōlo ea molao le ho hloka taolo li ile tsa tsoela pele ho nkoa e le lintho tse sa tšoanelang ho ba teng sechabeng se tsoetseng pele.” Ka hona, batho ba London ba ile ba tšepa hore lintho li tla loka ’me ba etsa qeto ea ho ba le mapolesa a koetlisitsoeng tlas’a tataiso ea Sir Robert Peel. Ka September 1829, makosetabole a Mapolesa a Motse-moholo a apereng junifomo a ile a qala ho paterola libaka tseo a ikarabellang ho tsona.
Ho tloha qalong ea pale ea kajeno ea mapolesa, taba ea ’ona e ’nile ea phahamisa tšepo le tšabo ho batho—tšepo ea hore a tla fana ka tšireletso le tšabo ea hore a ka ’na a sebelisa matla a ’ona hampe.
Tšimoloho ea Mapolesa Amerika
United States, New York City ke oona motse oa pele oa ho ba le mapolesa a koetlisitsoeng. Ha leruo la motse oo le ntse le eketseha, tlōlo ea molao le eona e ile ea eketseha. Lilemong tsa bo-1830, lelapa le leng le le leng le ne le ka bala lipale tse tšosang tsa tlōlo ea molao tse neng li hatisoa likoranteng tse neng li sa tsoa hatisoa tse sa tureng—likoranta tsa theko e tlaase. Sechaba se ile sa tletleba haholoanyane, ’me ka 1845, New York e ile ea e-ba le mapolesa. Baahi ba New York le ba London ba ’nile ba khahloa ke mapolesa a bona haesale ho tloha ka nako eo.
Maamerika a ne a e-na le tšabo e tšoanang le ea Manyesemane ea ’muso o nang le lebotho le hlometseng. Empa lichaba tseo tse peli li ile tsa fihlela litharollo tse sa tšoaneng. Manyesemane a ile a khetha ho ba le mapolesa a majentlelemane a roalang likatiba tse motlorutlo, a aparang junifomo e bolou bo loileng. A ne a hlomela feela ka melangoana e patiloeng. Le le holimo lena, mapolesa a Brithani a ntse a sa tsamaee ka lithunya ntle le maemong a tšohanyetso. Leha ho le joalo, joalokaha tlaleho e ’ngoe e bolela, “maemo a ntse a eketsa ho ba a qobellang . . . hoo mapolesa a Brithani a tla qetella a hlometse ka ho feletseng.”
Leha ho le joalo, United States teng tšabo ea hore ’muso o ne o ka ’na oa sebelisa matla a oona hampe e ile ea etsa hore ho kenngoe tšebetsong Second Amendment to the U.S. Constitution (Tokiso ea Bobeli Molaong oa Motheo oa United States), o neng o buella “tokelo ea baahi ea ho ba le Libetsa.” Ka lebaka leo, mapolesa a ile a batla lithunya. Ka mor’a nako, tšebeliso ea tsona e ile ea baka merusu ea ho thunyana literateng, moo mapolesa a Maamerika a neng a lelekisa litlokotsebe, e leng ntho e neng e tloaelehile. Lebaka le leng la maikutlo a Maamerika tabeng ea ho tšoara lithunya ke la hore mapolesa a ho qala a United States a ile a e-ba teng sebakeng se fapaneng haholo le sa London. New York e ne e bile le meferefere ha baahi ba eona ba ata ka potlako. Tšubuhlellano ea bajaki ba likete bao ka ho khetheha ba neng ba e-tsoa Europe hammoho le ea Maafrika a Amerika ka mor’a ho qaleha ha Ntoa ea Lehae ea 1861-65, e ile ea etsa hore ho be le pefo ea morabe. Mapolesa a ile a bona hore a hloka ho sebelisa mekhoa e matla haholoanyane.
Ka hona, hangata mapolesa a ne a nkoa e le batho ba tšoenyang empa e le ba hlokahalang. Batho ba ne ba ikemiselitse ho mamella liketsahalo tseo ba sa li tloaelang moo ba tšepileng ho finyella maemo a itseng a taolo le tšireletseho. Leha ho le joalo, likarolong tse ling tsa lefatše, ho ile ha hlaha mofuta o fapaneng oa mapolesa.
Mapolesa a Tšosang
Mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, ha mapolesa a kajeno a qala ho sebetsa, boholo ba batho bo ’nile ba phela tlas’a taolo ea baemphera ba Europe. Ka kakaretso, mapolesa a Europe a ne a hlophiselitsoe hore a sireletse babusi eseng baahi. Esita le bona baahi ba Brithani ba neng ba sa batle mapolesa a hlometseng le hanyenyane naheng ea bona, ba ile ba bonahala ba se na bothata tabeng ea tšebeliso ea mapolesa a hlometseng bakeng sa ho hatella likolone. Rob Mawby bukeng ea hae ea Policing Across the World o re: “Liketso tsa bokhopo ba mapolesa, bobolu, pefo, ho bolaea le ho sebelisa matla hampe li bile teng lilemong tse mashome tsa puso ea likolone.” Ka mor’a hore buka ena e bontše hore sepolesa tlas’a puso ea likolone se bile le melemo e itseng, e ile ea phaella ka hore se boetse se “susumelelitse lichaba tsa lefatše hore li nke tšebetso ea mapolesa e le matla a ’muso ho e-na le ho ba tšebeletso ea sechaba.”
Mebuso e hatellang e tšabang hore sechaba se tla e fetohela e ’nile ea sebelisa mapolesa a sekhukhu ho ba lihloela ho baahi. Mapolesa a joalo a fumana boitsebiso ka ho hlokofatsa le ho bolaea ka sekhukhu bao ho nkoang hore ba batla ho phethola ’muso, kapa ka ho ba koalla ntle ho nyeoe. Manazi a ne a e-na le Gestapo, Soviet Union e e-na le KGB, ha Jeremane Bochabela e ne e e-na le Stasi. Ho makatsang ke hore Stasi e ile ea hira mapolesa a 100 000 le lihloela tse ka bang halofo ea milione bakeng sa ho laola baahi ba ka bang limilione tse 16. Mapolesa a ne a mamela moqoqo o mong le o mong oa thelefono motšehare le bosiu ’me a e-na le lifaele tsa tlaleho ea karolo ea boraro ea baahi bohle. John Koehler bukeng ea hae ea Stasi o re: “Mapolesa a Stasi a ne a se na meeli a bile a se na lihlong. Baruti, ho kopanyelletsa le ba boholong ba Maprostanta le Mak’hatholike, ba ne ba thaothoa ka bongata hore e be lihloela. Liofisi tsa bona le libaka tsa maipolelo li ne li tletse ka mechine e patiloeng e mamelang sohle se buuoang sephiring.”
Leha ho le joalo, mapolesa a tšosang ha a fumanoe feela mebusong e hatellang. Mapolesa a metseng e meholo libakeng tse ling a ’nile a qosoa ka ho baka tšabo ha a sebelisa mekhoa e mabifi ho kenya molao o itseng tšebetsong, haholo-holo ha a lebisitse tlhokomelo lihlopheng tse nyenyane tsa baahi. Ha makasine e ’ngoe ea litaba e bua ka mahlabisa-lihlong a tsebahalang a neng a etsahale Los Angeles, e boletse hore “boitšoaro boo bo bobe ba mapolesa bo fihlile boemong ba ho hloka molao hoo ho seng ho e-na le lebitso le lecha: lepolesa la setlokotsebe.”
Ka hona, ba boholong ba ’nile ba botsa potso ena, Lefapha la sepolesa le ka etsa’ng ho ntlafatsa botumo ba lona? Li leka ho totobatsa hore li sebeletsa sechaba, lihlopha tse ngata tsa mapolesa li lekile ho lebisa tlhokomelo haholoanyane mesebetsing e amang ho thusa sechaba.
Tšepo ea Mapolesa a Motse
Mokhoa o tloaelehileng oa Japane oa mapolesa a motse o khahlile linaha tse ling. Ka tloaelo, mapolesa a Japane a sebeletsa litsing tse nyenyane tse sebeletsang libaka tse itseng, tseo ho tsona ho sebetsang mapolesa a ka bang 12 a hlophisitsoeng ka lichifi. Frank Leishman, eo e leng morupeli oa Lebrithani thutong ea ho loantša botlokotsebe le eo e bileng moahi oa Japane ka nako e telele, o re: “Tšebeletso e botsoalle ea mapolesa a koban e tsebahala hohle: ke ho thusa ba batlang liaterese tsa literata tse ngata tsa Japane tse se nang mabitso; ho alima baahi ba khaoletsoang ke pula likhele tse sa latoang ke beng ba tsona; ho etsa bonnete ba hore basebetsi ba tahiloeng ba kena tereneng ea ho qetela ho leba mahae; le ho eletsa ‘baahi mathateng a bona.’” Mapolesa a motse ke ’ona a entseng hore Japane e be le botumo bo lakatsoang ke ba bang ba ho ba le literata tseo motho a ka tsamaeang ho tsona a sireletsehile.
Na mofuta oo oa tšebetso ea mapolesa o ka sebetsa le libakeng tse ling? Ba bang ba ithutang ka ho loantša tlōlo ea molao ba ile ba qala ho bona molemo oa eona. Tsoelo-pele mekhoeng ea kajeno ea puisano e bakile lekhalo pakeng tsa mapolesa le batho bao a ba sebeletsang. Metseng e mengata kajeno, ho bonahala mosebetsi oa mapolesa hangata e le ho arabela maemong a tšohanyetso. Ka linako tse ling ho bonahala sepheo sa ’ona sa qalong se sa finyelloe, e leng ho lebisa tlhokomelo ho thibeleng tlōlo ea molao. E le ho arabela bothateng bona, ho boetse ho tloaelehile hore baahelani ba lebelane.
Ho Lebelana ha Baahelani
Dewi eo e leng lekosetabole la mapolesa o re ka mosebetsi oa hae Wales: “Sena se hlile sea sebetsa; se fokotsa tlōlo ea molao. Hore baahelani ba lebelane ho bolela ho khothalletsa batho hore ba ele hloko tšireletseho ea ba bang. Re hlophisa hore ho be le liboka e le hore baahi ba motse ba ka tsebana, ba bolellana mabitso, linomoro tsa bona tsa thelefono le ho utloa hore na tlōlo ea molao e ka thibeloa joang. Ke thabela letšolo lena hobane le etsa hore baahi ba motse ba boele ba be le moea oa boahelani. Hangata, batho ha ba tsebe le hore na baahelani ba bona ke bo-mang. Lenaneo lena lea sebetsa hobane le etsa hore batho ba be seli haholoanyane.” Le boetse le ntlafatsa likamano pakeng tsa mapolesa le sechaba.
Bohato bo bong bo nkiloeng ke ba ho khothalletsa mapolesa hore a be le kutloelo-bohloko e khōloanyane bathong ba hlasetsoeng. Jan van Dijk oa Modache, ea nang le tsebo e khethehileng ea ho sebetsana le bahlaseluoa o ngotse: “Mapolesa a tlameha ho rutoa hore tsela eo ba sebetsanang le bahlaseluoa ka eona ke ea bohlokoa joaloka tsela eo lingaka li sebetsanang le bakuli ka eona.” Libakeng tse ngata, mapolesa a ntse a sa nke pefo ea lapeng le peto e le tlōlo ea molao. Empa Rob Mawby o re: “Tsela eo ka eona mapolesa a sebetsanang le pefo ea lapeng le peto e ntlafetse lilemong tsa morao tjena. Leha ho le joalo, a ntse a ka ntlafatsa haholoanyane.” Tšebeliso e mpe ea matla le eona ke karolo e ’ngoe eo mapolesa a ka ntlafatsang ho eona.
Ho Tšaba Bobolu ba Mapolesa
Ka linako tse ling boikutlo ba batho ba hore ba sirelelitsoe ke mapolesa boa fela, haholo-holo ha litaba tsa bobolu ba ’ona li pharalla. Litlaleho tse joalo li ’nile tsa e-ba teng ho tloha qalong ea histori ea mapolesa. Ha e bua ka selemo sa 1855, buka ea NYPD—A City and Its Police e hlalositse “maikutlo ao batho ba bangata ba New York ba nang le ’ona, a hore ho batla ho e-ba thata ho bona phapang pakeng tsa linokoane le mapolesa.” Buka ea Faces of Latin America, ea Duncan Green, e tlaleha hore mapolesa a moo a “nkoa a tletse bobolu, a sa phethe mosebetsi ka tšoanelo le ho sebelisa litokelo tsa botho hampe.” Ofisiri e phahameng ea mapolesa a 14 000 a Latin America e itse: “U ka lebella’ng ha lepolesa le amohela chelete e ka tlaase ho [$100 (R1 200)] ka khoeli? Le tla etsa’ng haeba le fuoa tjotjo?”
Bothata boo ba bobolu bo tebile hakae? Karabo e itšetlehile ka hore na u botsa mang. Lepolesa le leng la Amerika Leboea leo ka lilemo le neng le paterola motse oa baahi ba 100 000 lea araba: “Ha ho pelaelo hore ho na le karolo e itseng ea mapolesa a sa tšepahaleng, empa boholo ba ’ona aa tšepahala. Ke kamoo ’na ke boneng litaba kateng.” Ka lehlakoreng le leng, mofuputsi oa litlōlo tsa molao ea bileng mosebetsing ona ka lilemo tse 26 naheng e ’ngoe oa araba: “’Na ke nka bobolu bo le hohle. Botšepehi ha bo sa fumaneha kamehla mapoleseng. Haeba lepolesa le etsa lipatlisiso ntlong eo ho utsoitsoeng ho eona, ’me le fumana chelete, le ka ’na la e nka. Ha le fumana thepa ea bohlokoa e utsoitsoeng, le tla inkela karolo e ’ngoe.” Ke hobane’ng ha mapolesa a mang a kenella bobolung?
A mang a qala a tšepahala empa ka mor’a nako a inehele tšusumetsong ea basebetsi-’moho ba kenellang bobolung le mekhoeng e mebe ea batho ba tlōlang molao bao a sebetsanang le bona. Buka ea What Cops Know e qotsa molebeli oa Chicago a re: “Ha e le mapolesa ’ona, a tseba bokhopo ho tsoa phihlelong. A pota-potiloe ke bona. Aa bo tšoara . . . a bo latsoe . . . a bo fofonele . . . a bo utloe . . . a tlameha ho sebetsana le bona.” Ho sebetsana le bolotsana bo joalo ho ka ba le liphello tse kotsi habonolo feela.
Le hoja mapolesa a etsa mosebetsi oa bohlokoa haholo, hase hore a etsa mosebetsi o phethahetseng. Na re ka tšepa hore ho tla ba le ho hong ho molemonyana?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
“Mapolesa a Brithani a Ipabola Hakaakang!”
Batho ba Brithani ba bile har’a batho ba pele ba ileng ba thabela monate oa ho ba le mapolesa a koetlisitsoeng. Ba ne ba batla hore sechaba sa habo bona se hlophisehe joalokaha tsamaiso ea ’ona ea lipalangoang e ne e hlophisehile tabeng ea nako. Ka 1829, Mongoli oa Ofisi ea Lehae, Sir Robert (Bobby) Peel, o ile a susumelletsa Paramente hore e chaelle monoana taba ea hore ho be le Mapolesa a Motse-moholo London, ao ntlo-khōlō ea ’ona e neng e le Scotland Yard. Le hoja qalong a ne a sa ratisisoe ka lebaka la ho loantša ka matla botahoa le papali ea chelete literateng, qetellong baahi ba ile ba rata mapolesa haholo.
Ka 1851, London e ile ea e-ba motlotlo ho mema lefatše hore le tle Pontšong e Khōlō le ho tla boha lintho tseo basebetsi ba Brithani ba neng ba li finyeletse. Baeti ba ile ba makatsoa ke literata tse se nang merusu le ke bosieo ba matahoa, matekatse le baleleri. Mapolesa a phethang mosebetsi ka bokhabane a ne a laola matšoele, a nkisa baeti lithōtō, a thusa batho ho tšela mebila le hona ho nka basali-baholo ho ba isa litekesing. Hase feela batho ba Brithani hammoho le baeti ba linaheng tse ling ba ileng ba utluoa ba re, “Mapolesa a Brithani a ipabola hakaakang!”
A ne a bonahala a atleha ho thibeleng tlōlo ea molao hoo mookameli oa makosetabole oa Chester ka 1873 a ileng a nahana hore ho na le nako eo ka eona ho tla beng ho felisitsoe ba phelang ka ho tlōla molao! Mapolesa a ile a boela a qala ho hlophisa liambulense le litšebeletso tsa ho tima mollo. A ile a theha mekhatlo ea ho thusa ba hlokang e neng e fana ka lieta le liphahlo ho mafutsana. A mang a ile a hlophisa mekhatlo e koetlisetsang bashanyana ho atleha bophelong, maeto le libaka tsa bolulo bakeng sa ba ileng phomolong.
Ke ’nete hore mapolesa a macha a ne a boetse a e-na le bothata ba ho khalemela a amehang bobolung le liketsong tse sehlōhō. Empa bongata ba ’ona a ne a le motlotlo ka ho etsa hore ho be le taolo ho sa hlokahale hore a sebetse ka thata hakaalo. Ka 1853, mapolesa a Wigan, Lancashire, a ile a tlameha ho thibela seteraeke sa basebetsi ba ’maeneng. Sajene e sebete e neng e eteletse pele banna ba leshome feela e ile ea hana e tiile ho sebelisa lithunya tsa mong’a ’maene. Mohlala oa boikutlo bo neng bo le teng ke lengolo le ileng la fumanoa ke Hector Macleod ka 1886, ha a ne a kena sepoleseng joaloka ntate oa hae. Joalokaha le qotsitsoe ho The English Police, le ne le re: “Ha u e-ba bohale, sechaba ha se na ho tšepahala ho uena le ho u tšehetsa . . . Ke etelletsa lithahasello tsa sechaba pele kaha lepolesa ke mohlanka oa sona ea filoeng mosebetsi oa ho se sebeletsa nakong ena, ’me boikarabelo ba hao ke ho se khotsofatsa le hona ho khotsofatsa mookameli oa hao.”
Hayden, mohlahlobi oa Mapolesa a Motse-moholo ea seng a tlohetse mosebetsi o re: “Re ne re rutiloe hore ka linako tsohle re laole maikutlo a rōna hobane katleho ea lepolesa e itšetlehile ka thuso ea sechaba. Melangoana ea rōna ea lehong e ne e sebelisoa feela ha ho se ho se ho hong ho ka etsoang, ’me mapolesa a mangata a ile a ba a tlohela mosebetsi a sa ka a e sebelisa.” Ntho e ’ngoe e ileng ea tlatsetsa ho ratoeng ha mapolesa a Brithani ke pale e tummeng e ileng ea tsoela pele ka lilemo tse 21 thelevisheneng, ea Dixon of Dock Green, e neng e bua ka lekosetabole le tšepahalang, le neng le tseba e mong le e mong sebakeng seo le ikarabellang ho sona. E tlameha ebe e ile ea khothalletsa mapolesa hore a latele mohlala oo, empa ha ho pelaelo hore, e ile ea khothalletsa batho ba Brithani hore ba rate mapolesa.
Boikutlo ba batho ba Brithani bo ile ba fetoha lilemong tsa bo-1960, ’me tloaelo ea hore sechaba se be motlotlo ka babusi ba sona e ile ea nkeloa sebaka ke tloaelo ea ho tletleba ka ba boholong. Litlaleho tsa bobolu le ho ba le khethollo ea morabe mapoleseng li ile tsa senya botumo bo botle ba mapolesa lilemong tsa bo-1970, ho sa tsotellehe boiteko ba ’ona ba ho fumana tšehetso ea sechaba ka ho theha leano la ho lebelana ha baahelani. Haufinyane tjena ka mor’a liqoso tse ’maloa tsa khethollo ea morabe le ho khopamisa bopaki e le hore batho ba itseng ba ka fumanoa ba le molato, mapolesa a entse boiteko ba sebele bo eketsehileng ho ntlafatsa boitšoaro ba ’ona.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photograph above: http://www.constabulary.com
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho Etsahetse Mohlolo New York?
Ha mapolesa a etsa boiteko bo khethehileng, liphello e ka ba tse tsotehang. Ka nako e telele New York e ’nile ea nkoa e le o mong oa metse e kotsi ka ho fetisisa lefatšeng, ’me ho ea mafelong a bo-1980, ho ne ho bonahala mapolesa a nyahameng a se a hlōleha ho laola tlōlo ea molao. Mathata a lichelete a ile a qobella ’muso hore o se lefe mapolesa ka nakoana, oa ba oa fokotsa palo ea ’ona. Barekisi ba lithethefatsi ba ile ba kena ka bongata ’me seo sa eketsa pefo e tšabehang. Ba lulang hare-hare toropong ba ne ba robala lithunya li ntse li khabola ka ntle. Ho ile ha e-ba le meferefere e meholo ea morabe ka 1991, ’me mapolesa ka booona a ile a hlophisa mokoloko oa boipelaetso o lerata ho hlahisa lillo tsa ’ona.
Leha ho le joalo, mookameli e mocha oa mapolesa o ile a thahasella ho khothatsa mapolesa a hae, a kopana le ’ona khafetsa ho sekaseka mekhoa e ka sebelisoang libakeng ka ho fapana. James Lardner le Thomas Reppetto baa hlalosa bukeng ea bona ea NYPD: “Baokameli ba mafokisi, kapa batsamaisi ba Narcotics Bureau e ne e le batho bao baokameli ba sepolesa libakeng ka ho fapana ba neng ba bala ka bona likoranteng, e le ka seoelo ba kopanang le bona. Empa joale ba ne ba se ba e-ba hammoho ka nako e telele.” Palo ea liketsahalo tsa tlōlo ea molao e ile ea qala ho fokotseha. Litlaleho tsa lipolao li fokotsehile haholo ho tloha ho tse ka bang 2 000 ka 1993 ho ea ho tse 633 ka 1998—palo e tlaase ka ho fetisisa lilemong tse 35. Baahi ba New York ba ile ba qala ho bua ka mohlolo o etsahalang. Liketsahalo tsa tlōlo ea molao tse tlalehiloeng lilemong tse robeli tse fetileng li fokotsehile ka karolo ea 64 lekholong.
Ho tlile joang hore ebe boemo bo ile ba ntlafala ka tsela ee? The New York Times ea la 1 January, 2002, e bontšitse hore lebaka le leng la katleho e bile Compstat, “lenaneo le setseng morao tlōlo ea molao, le akarelletsang ho hlahloba mathata a hlahang sebakeng ka seng beke le beke le ho sebetsana le ’ona hang ha a hlaha.” Mokomishinara oa mehleng oa mapolesa, Bernard Kerik, o itse: “Re ne re sheba hore na tlōlo ea molao e etsahala hokae, ke hobane’ng ha e etsahala, ebe re rōmela mapolesa teng hammoho le thepa e sebelisoang ho etsa bonnete ba hore libaka tseo li fuoa tlhokomelo e eketsehileng. Ke eona tsela ea ho fokotsa tlōlo ea molao.”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Seteishene sa mapolesa se tloaelehileng Japane
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lepolesa la sephethephethe Hong Kong
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Ho laola letšoele papaling ea bolo ea maoto ea Manyesemane
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Mosebetsi oa mapolesa o akarelletsa ho thusa mahlatsipa a likotsi