Lebokose La Lipotso
◼ Na Lipaki Tsa Jehova li lokela ho aba lipuo tse rekotiloeng kapa tse ngotsoeng?
Lipuo tse thehiloeng Bibeleng lia re matlafatsa ebile lia re khothatsa. (Lik.15:32) Ka lebaka leo, ho itlela feela hore re batle ho li abela ba neng ba le sieo. Kaha ho na le lintho tse ngata tseo re rekotang ka tsona, ho bonolo hore re rekote puo re be re e abele ba bang. Ba bang ba na le lipuo tse ngata tse rekotiloeng, ho akarelletsa le tse fanoeng lilemong tse ngata tse fetileng, ’me ba li alima metsoalle ea bona ka sepheo se setle kapa ba e etsetsa likopi. Ba bang ba kentse lipuo tsena Inthaneteng hore mang kapa mang a inkele tsona.
Ha ho phoso ha re rekota lipuo molemong oa rōna kapa oa malapa a rōna. Ho phaella moo, baholo ba ka lokisetsa hore lipuo li rekoteloe litho tsa phutheho tse fokolloang ke bophelo tse sa khoneng ho ba teng libokeng. Leha ho joalo, ho na le mabaka a utloahalang a hore re se ke ra aba lipuo tse ngotsoeng kapa tse rekotiloeng.
Kaha lipuo li atisa ho fanoa ho nahannoe ka litlhoko tsa sebaka ka seng, ho ka etsahala hore re utloisise lintlha tsa lipuo tseo hampe kaha re sa tsebe hore na li ne li fanoa tlas’a maemo afe. Ho phaella moo, ho ka ba thata hore re tiise hore na puo eo e fanoe ke mang hona neng, e le hore re ka kholiseha hore lintlha tsa eona li sa ntse li sebetsa kapa li nepahetse. (Luka 1:1-4) Ho feta moo, ho aba lipuo tsena ho ka etsa hore batho ba bang ba fe batho tlotla e sa ba tšoanelang ha ba bang ba ka amohela tlotla e sa ba tšoanelang.—1 Bak. 3:5-7.
Lekhoba le tšepahalang le le masene le sebetsa ka thata ho lokisetsa lijo tsa moea ka “tekanyo” e loketseng le ka “nako e tšoanetseng.” (Luka 12:42) Li akarelletsa lipuo tse lokelang ho fanoa liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova le tse rekotiloeng tse ka nkoang atereseng ea Inthanete e sebelisoang ke mokhatlo ea jw.org. Re kholisehile hore lekhoba le tšepahalang le le masene le Sehlopha se Busang sa lona le tla fana ka seo re se hlokang hore re tiisoe tumelong.—Lik.16:4, 5.