Jehovah’s Witnesses—Organized to Share the Good News
Ho se ho fetile lilemo tse 100 Lipaki Tsa Jehova li hlophiselitsoe ho bolela litaba tse molemo. Letšolong lena le leholo ka ho fetisisa la ho bolela litaba tse molemo le e-s’o bonoe lefatšeng, re bolela molaetsa ona ka lipuo tse makholo ebile re o bolela linaheng tse fetang 230. (Mat. 24:14) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re etse mosebetsi oo? O phethoa joang lefatšeng ka bophara? Video ea Jehovah’s Witnesses—Organized to Share the Good News e araba lipotso tseo ka ho bontša lintlha tse qaqileng tse hlalosang mosebetsi oo re o etsang ho pota lefatše. Ka mor’a ho shebella video ena, araba lipotso tse latelang.
Video ee e u thusitse joang hore u ananele (1) boiteko bo etsoang ke mokhatlo oa Jehova e le hore ho boleloe litaba tse molemo? (2 Tim. 4:2) (2) malapa a Bethele lefatšeng ho pota? (3) thupelo e fuoang baromuoa le balebeli? (2 Tim. 2:2) (4) molemo oa ho qala letsatsi ka leng ka ho hlahloba temana ea Bibele le oa ho lokisetsa liboka tsa phutheho beke le beke? (Lik. 17:11) (5) melemo ea ho ba teng libokeng tsa rōna tsa Bokreste? (Baheb. 10:24, 25) (6) mahlohonolo ao u tla a fumana ha Paradeise e tsosolosoa lefatšeng? (Esa. 11:9) (7) tlotla eo u nang le eona ea ho kenya letsoho mosebetsing o tsoelang pele oa kotulo?—Joh. 4:35.
Lipaki Tsa Jehova li sebelisitse video ena hamolemo ka ho fetisisa ha li thusa batho ba thahasellang hore ba utloisise mosebetsi oo li o etsang lefatšeng lohle. (8) Ke neng ho ka bang molemo hore re bontše lithuto tsa rōna tsa Bibele, beng ka rōna le batho ba bang video ee? (9) Batho ba nkile bohato bofe bo khahlisang ka mor’a hore u ba bontše eona?
Ha re nahanisisa ka seo Jehova a se finyellang, seo se re susumelletsa hore re lumellane le mantsoe ana a mopesaleme: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna; ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena.” (Pes. 40:5) E se eka re ka sebelisa video ena hamolemo e le hore re thuse batho ba bang hore ba bontše hore ba ananela Jehova le mokhatlo oa hae!