Video e Ncha e ka Sebelisetsoang ho Qala Lithuto Tsa Bibele
Video e khutšoanyane eo sehlooho sa eona se reng Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? e shebelloa ke batho ba bangata haholo Websaeteng ea jw.org. Video ena e etselitsoe ho khothalletsa batho ba thahasellang hore ba amohele ho ithuta Bibele ntle ho tefo. E ka fumanoa ka ho tobetsa konopo sehloohong se reng “Kōpa Thuto ea Bibele” botlaaseng ba leqephe le qalang kapa ka ho skena letšoao la QR (quick response) le hlahang ka morao ho lipampitšana tsa rōna tse ncha. Litsela tse ling tseo re ka sebelisang video ena hamolemo ka tsona ke tsena.
Leetong la ho boela u ka re ho motho eo u buisanang le eena: “Na nka u bontša video e khutšoanyane e hlalosang kamoo u ka fumanang likarabo tsa lipotso tsa Bibele tseo u ’nileng ua ipotsa tsona?” Haeba a lumela, mo bontše video ena sesebelisoeng sa hao sa elektronike kapa k’homphieutheng ea hae.
Haeba re fa motho pampitšana e ncha ha re etsa bopaki bo sa reroang kapa ba phatlalatsa, re ka mo bontša letšoao la QR ’me re mo khothalletse hore a le skene ka sesebelisoa sa hae sa elektronike. Kaha lipuong tse ngata letšoao la QR le isa motho ka ho toba videong ena Websaeteng ea rōna, u ka khona ho e bapala hang-hang sesebelisoeng sa hao sa elektronike.
Bolella basebetsi-’moho le uena, bao u kenang sekolo le bona, beng ka uena le ba bang ka video ena, ’me u ithaopele ho ba bontša eona. Kapa u ba romelle linki ea eona ka e-mail ’me u ba kōpe hore ba e shebelle.
Ha re sebelisa video ena e ncha, ho ka etsahala hore re qale lithuto tsa Bibele tse ngata, ’me re thuse batho ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’—Lik. 13:48.