Lebokose la Lipotso
◼ Ke bo-mang ba lokelang ho tlatsa litlankane le likōpo tse etsoang ka Inthanete?
Hangata likhatiso tsa rōna li ba le setlankane seo motho a ka se tlatsang ebe o se romela ofising ea lekala ha a kōpa lingoliloeng kapa ho eteloa ke Lipaki Tsa Jehova. Ho phaella moo, batho ba ka sebelisa Websaete ea rōna ea www.watchtower.org ha ba kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele. Litokisetso tsena li thusa batho ba bangata hore ba ithute ’nete. Leha ho le joalo, ho hlahile mathata ha bahoeletsi ba li sebelisetsa ho lokisetsa hore beng ka bona le batho ba bang ba fumane lingoliloeng kapa ba eteloe.
Batho ba bang bao ofisi ea lekala e ileng ea ba romela lingoliloeng tseo ba sa li kōpang ba ’nile ba tletleba, ba nka hore mokhatlo oa rōna oa ba tšoenya ebile o ba ngotse lethathamong le itseng la batho bao o ka ba romellang lingoliloeng. Bahoeletsi ba fumaneng mangolo a hore ba etele motho ea sa kang a ikōpela ho eteloa ba ile ba iphumana ba le mathateng ha motho eo a ba halefela. Ka lebaka leo, batho ba thahasellang ke bona ba lokelang ho ikōpela lingoliloeng kapa thuto ea Bibele ka Websaete ea rōna kapa ka litlankane, ’me bahoeletsi ha baa lokela ho ba kōpela. Ha re fumana likōpo tse joalo tseo ho bonahalang hore li rometsoe lebitsong la motho e mong, hangata ha re li sebetse.
Ha ho le joalo, u ka etsa joang hore mong ka uena kapa motho eo u mo tloaetseng a fumane lingoliloeng kapa a eteloe? Haeba u rata hore a fumane lingoliloeng, ho ka ba molemo hore u mo romelle tsona ka ho toba e le mpho. Haeba a thahasella ’me a lakatsa ho eteloa ke Lipaki empa u sa tsebe hore na u ka buisana le baholo ba phutheho ea sebaka seo a leng ho sona joang, u lokela ho neha mongoli oa phutheho ea heno foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43), ’me eena o tla e hlahloba a be a e fetisetse ofising ea lekala. (Phutheho ka ’ngoe e lokela ho ba le setoko se lekaneng sa liforomo tsena.) Leha ho le joalo, haeba motho ea thahasellang a le teronkong, chankaneng, setsing se thusang motho ho tlohela lithethefatsi, kapa sepetleleng sa ’muso, ha ua lokela ho ngolla ofisi ea lekala lebitsong la hae. Empa u ka mo khothalletsa hore a buisane le barab’abo rōna ba abetsoeng ho etela batho ba sebaka seo kapa eena ka boeena a ngolle ofisi ea lekala.