Lebokose La Lipotso
◼ Na bahoeletsi ba ka sebelisa Inthanete ho pakela motho eo ba sa mo tsebeng, ea lulang naheng esele kapa ho ithuta Bibele le eena?
Bahoeletsi ba bang ba ’nile ba sebelisa Inthanete ho fumana lithuto tsa Bibele linaheng tseo mosebetsi oa rōna o thibetsoeng kapa moo ho nang le bahoeletsi ba seng bakae. Ka linako tse ling, mokhoa ona o bile le katleho. Leha ho le joalo, ho kotsi hore bahoeletsi ba ’ne ba buisane le batho bao ba sa ba tsebeng ka e-mail kapa ka mecha e meng ea puisano ea Inthanete. (Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea July 2007, leq. 3.) Le hoja sepheo sa lipuisano tsena e le ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang ho fumana molaetsa oa ’Muso, mora kapa morali’abo rōna a ka qetella a se a buisana le batho ba fosahetseng, ho akarelletsa le bakoenehi. (1 Bakor. 1:19-25; Bakol. 2:8) Ho feta moo, linaheng tseo mosebetsi oa rōna o thibetsoeng, ba boholong ba ka ’na ba fumana melaetsa eo re e romelang ’me bara le barali babo rōna ba sebakeng seo ba ka kena kotsing. Ka lebaka leo, bahoeletsi ha baa lokela ho kena Inthaneteng ho batla batho ba lulang linaheng tse ling bao ba ka ba bolellang litaba tse molemo.
Haeba re pakela motho ea etileng ea tsoang naheng e ’ngoe, ha rea lokela ho leka ho buisana le eena ka mor’a hore a khutlele ha habo, ntle leha ofisi ea lekala e re lumella ho etsa seo. Ho e-na le hoo, re ka mo bontša hore na a kene joang ho jw.org hore a fumane boitsebiso bo eketsehileng kapa hore na a ka ikopanya joang le ofisi ea lekala ea naheng ea habo. Re ka boela ra mo khothalletsa hore a etele Holo ea ’Muso e haufinyane le moo a lulang. Ke ’nete hore ha ho na Liholo Tsa ’Muso linaheng tse ling. Haeba a ka thabela hore Lipaki tsa sebakeng sa habo li mo etele, re ka mo bontša hore a ka etsa kōpo eo joang ka ho tlatsa foromo e reng Kōpa Thuto ea Bibele e sa Lefelloeng ho jw.org. Kaha barab’abo rōna ba ofising ea lekala e ikarabellang naheng eo ba tseba maemo a moo, ke bona ba tla tseba tsela e molemo eo ka eona ba ka thusang motho enoa ea thahasellang hore a ithute Bibele.—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 2014, leq. 7 le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 2011, leq. 2.
Haeba motho eo re ntseng re mo etela a fallela naheng e ’ngoe kapa haeba re ntse re ithuta le motho ea lulang naheng e ’ngoe ’me re ntse re buisana le eena ka Inthanete, re lokela ho latela tataiso e fanoeng ka holimo. Leha ho le joalo, re ka tsoela pele ho tsosa thahasello ea hae ho fihlela a kopana le mohoeletsi oa sebakeng sa habo. Empa haeba a lula naheng eo mosebetsi oa rōna o thibetsoeng ho eona, re lokela ho ba seli ha re buisana le eena ka litaba tsa Bibele, ha re ntse re buisana ka mangolo, thelefono kapa mecha e meng ea elektronike.—Mat. 10:16.