Lipaki Tsa Jehova—Li Bontša Tumelo e Matla, Karolo ea 1: Li Tsoa Lefifing
Bibele e amahanya leseli le ’nete, empa e amahanya lefifi le bohata. (Pes. 43:3; Esa. 5:20) Satane o ile a tlisa lefifi lefatšeng ha a thetsa Eva, ’me qetellong a etsa hore batho ba apareloe ke lefifi le letšo. (Tšen. 12:9) Video ea Lipaki Tsa Jehova—Li Bontša Tumelo e Matla, Karolo ea 1: Li Tsoa Lefifing e tlaleha kamoo leseli la moea le ileng la qala ho khanya lefifing. (Esa. 60:1, 2) Ka mor’a ho shebella video ena, na u ka araba lipotso tsee?
(1) Lefifi le letšo le ile la hlaha joang ka mor’a lefu la baapostola? (2) Ho tloha ka bo-1100, ke liketsahalo life tse ileng tsa bontša batho hore likereke ha li rute ’nete? (3) Henry Grew le George Storrs ke bo-mang? (4) Ke liketsahalo life bophelong ba Charles Russell tse ileng tsa mo ama ka ho teba? (5) Mor’abo rōna Russell le ntate oa hae hammoho le metsoalle e ’maloa ba ne ba tšoara thuto ea bona ea Bibele joang ’me ba ile ba fihlela liqeto life tsa Mangolo? (6) Ho tlile joang hore sehlopha see se ithutang Bibele se kopane le sa Nelson Barbour, empa ke’ng se entseng hore Mor’abo rōna Russell a ikhule? (7) Ho etsahetse’ng ka July 1879 e ileng ea qala ho khantša leseli la moea? (8) Ka mor’a moo, Liithuti Tsa Bibele tse ntseng li eketseha li ile tsa etsa’ng hore li jale litaba tse molemo? (9) Ke’ng seo Liithuti Tsa Bibele li ’nileng tsa qeta lilemo li lebeletse hore se etsahale ka 1914? (10) Liithuti Tsa Bibele li ile tsa thulana le mathata afe ka mor’a lefu la Mor’abo rōna Russell? (11) Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa’ng ka mor’a hore Mor’abo rōna Rutherford le metsoalle ea hae ba lokolloe chankaneng? (12) Ho shebella video ee ho u thusitse joang hore u ananele mokhatlo oa Jehova haholoanyane? (13) Ke joang video ee e matlafalitseng boikemisetso ba hao ba ho tsoela pele u bolela litaba tse molemo ka cheseho le har’a mathata? (14) Re ka sebelisa video ee joang ho thusa beng ka rōna, liithuti tsa Bibele le batho ba bang?
Liithuti tseo Tsa Bibele tsa lilemong tsa pele li re sietse letlotlo la bohlokoa hakaakang la moea! Li ile tsa khantša leseli ka sebete le cheseho lefatšeng le lefifing la moea. E se eka re ka etsisa mohlala oa tsona ’me ra ‘tsoela pele ho tsamaea joaloka bana ba leseli.’—Baef. 5:8.