Re Tla Qala ho Ithuta Buka ea Atamela ho Jehova Bekeng ea la 6 January
1. Ho tloha ka la 6 January, re tla ba le monyetla ofe oa ho atamela haufi le Jehova?
1 Jehova o batla hore re atamele haufi le eena. (Jak. 4:8) Ho re thusa ho etsa joalo, ho tloha bekeng ea la 6 January, Thutong ea Bibele ea Phutheho re tla ithuta buka ea Atamela ho Jehova. Morero oa buka ena o hlalositsoe ka ho hlaka leqepheng le qalang la eona, ka mantsoe a reng: “Ho nahana ka tsela eo Jehova a bonahatsang e ’ngoe le e ’ngoe ea litšobotsi tsa hae ka eona, ho bona kamoo Jesu Kreste a ileng a li bonahatsa ka tsela e phethahetseng kateng le ho utloisisa kamoo le rōna re ka li hlaolelang kateng ho tla re atametsa ho Molimo.” Liphutheho li ile tsa ithuta buka ena selemong sa 2004 le sa 2005. Leha ho le joalo, bakeng sa batho ba ka bang limilione tse peli le halofo ba amohetseng ’nete ho tloha ka nako eo, lena e tla be e le lekhetlo la pele ba ithuta litšobotsi tse ratehang tsa Jehova ka ho teba. Ba kileng ba ithuta buka ena, ba tla ananela litšobotsi tsa Jehova ka ho eketsehileng ha ba ithuta eona hape.—Pes. 119:14.
2. Re tla ithuta buka ea Atamela ho Jehova joang?
2 Tsela ea ho Ithuta Buka Ena: Mokhanni o tla qala ka ho etsa kenyelletso e khutšoanyane, mohlomong polelo e le ’ngoe kapa tse peli. Ha hoa boleloa hore na ho baloe mangolo afe, kahoo nakong ea thuto, mokhanni o tla khetha mangolo a sehlooho a lokelang ho baloa. Qetellong ea thuto ka ’ngoe, a ka botsa potso e le ’ngoe kapa tse peli tsa tlhahlobo. Haeba boitsebiso bo tšohloang bo akarelletsa “Lipotso Tsa ho Thuisa,” li tla sebelisoa e le lipotso tsa tlhahlobo. Ha nako e lumela, mokhanni a ka kōpa hore ho baloe a mang a mangolo a bontšitsoeng lebokoseng, ebe o botsa bamameli lipotso tse eketsehileng.
3. Ke’ng seo re lokelang ho se etsa ha re ntse re ithuta buka ee, hona hobane’ng?
3 Rua Molemo ka ho Feletseng: Le haeba u kile ua ithuta buka ena, lokisetsa esale pele. Fana ka likarabo libokeng, kaha sena se tla tlotlisa Jehova, se u thuse ho hopola boitsebiso se be se ruise ba bang molemo. (Pes. 35:18; Baheb. 10:24, 25) Ha u ntse u nahanisisa ka litšobotsi tsa Jehova tse ikhethang, u tla atamela haufi le eena. (Pes. 77:11-13) Ka lebaka leo, u tla ikemisetsa haholoanyane ho mo mamela ’me u susumelletsehe ho bolella ba bang ka eena.—Pes. 150:1-6.