Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/13 maq. 4-6
  • Liphihlelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liphihlelo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Ho Hlaolela Thahasello Molaetseng oa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang e le Kannete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 12/13 maq. 4-6

Liphihlelo

◼ Australia: Monna e mong ea rutehing ea bitsoang John, ha e sa le ngoana o ne a kena kereke empa o ile a qetella a lumela hore Molimo ha a eo. Pula-maliboho e mong o ile a mo siela bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? eaba leetong le hlahlamang o mo siela ea Origin of Life. Pula-maliboho enoa o ile a tsoela pele ho tsosa thahasello ea hae ka ho mo tlisetsa limakasine tsa morao-rao le ho mo bontša lihlooho tse buang ka pōpo kapa boprofeta ba Bibele. Ha a bona eka John o se a batla a lumela Bibele, o ile a mo fa buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Ka mor’a hore John a bale buka eo o ile a re o bona eka o tla lumela hore Molimo o teng. Eaba pula-maliboho eo o mo fa buka ea Seo Bibele e se Rutang, ’me o mo bontša serapa sa 8 se leqepheng la 20 le lirapa tsa 13-16 tse leqepheng la 23-24. Mangolo a qotsitsoeng boitsebisong boo a ile a khahla John haholo hoo a ileng a re, “Mohlomong ke lokela ho bala Bibele hape.”

◼ Mexico: Monna e mong o ile a bolella mohoeletsi hore ha a lumele hore Bibele e bululetsoe ke Molimo. Mohoeletsi eo o ile a kōpa ho bontša monna eo bopaki ba hore Bibele e bululetsoe. Ka mor’a ho buisana le eena ka makhetlo a ’maloa, monna eo o ile a angoa ke seo a neng a ithuta sona ka Bibeleng. O ile a angoa haholo ke melao-motheo ea Molimo eo a neng a ithuta eona. O ile a bolella mohoeletsi a re: “Qalong ha re ne re bala Bibele, ho ne ho bonahala eka ke keletso e tsoang bukeng feela tjee ’me e ne e sa nkame. Empa hona joale ha re e bala, haholo-holo keletso ea eona e mabapi le boitšoaro, e nkama pelo.”

◼ United States: Ha banyalani ba bang ba ntse ba paka phatlalatsa ka tsela e khethehileng toropong e khōlō, ba ile ba kopana le mosali e mong ea tsoang Taiwan ea neng a lumela ho Molimo empa a nahana hore Bibele ke buka ea Makhooa. O ile a tla ho bona tafoleng ea lingoliloeng hobane o ne a ikutloa a se na morero bophelong le hoja a ne a phela bophelo bo mabotho-botho. O ne a e-na le tšepo ea hore Bibele e tla mo thusa hore a be le morero bophelong. Banyalani bao ba ile ba qala thuto le eena ba sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang hammoho le bukana ea Lasting Peace and Happiness—How to Find Them. Ho e-na le hore ba ithute khaolo ea 2, ba ile ba tšohla karolo ea bukana eo e nang le sehlooho se reng “[Buka e ka Tlisetsang Batho Bohle Litlhohonolofatso] A Guidebook for the Blessing of All Mankind.” Ka mor’a hore ba tšohle lirapa tsa pele tse tšeletseng karolong eo, mosali eo o ile a makatsoa ke hore Bibele e fapane haholo le lingoliloeng tse ling tsa bolumeli. Ha ba qeta ho hlahloba boprofeta ba Bibele bo ileng ba phethahala, o ile a re, “Ha ke nahane hore ho na le buka e nepahetseng joaloka Bibele!”

◼ Japane: Le hoja mong’a ntlo a ile a bolella mohoeletsi hore ha a lumele ho Molimo, mohoeletsi o ile a ’na a mo etela a bua le eena ka lihlooho tsa Tsoha! tse reng “Na e Entsoe?” Butle-butle monna eo o ile a fetola maikutlo ’me a qala ho lumela hore e ka ’na eaba ho na le ’Mōpi. Hona joale o oa lumela hore Molimo o teng ’me mohoeletsi o mo khannela thuto ka bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!

◼ Canada: Morali e mong oabo rōna o ile a fa mosali e mong ea neng a tsoa ka tlung a e-ea koloing limakasine tsa morao-rao. Ha morali’abo rōna a khutlela ho eena, mosali eo o ile a mo bolella a lomahantse meno hore ha a thahaselle ebile ha a lumele ho Molimo. Morali’abo rōna ha a aa ka a tela empa o ile a mo tlisetsa bukana ea A Satisfying Life—How to Attain It. Ha a mo fumana a le teng lapeng, o ile a mo bolella hore o oa tseba hore ha a lumele ho Molimo, empa o ne a ntse a nahana ka eena hobane a tseba hore o hōlisa bana a le mong. O ile a bontša mosali eo serapa sa 6 leqepheng la 4 bukaneng eo, se buang ka hore na re ka fumana keletso e molemo hokae. Eaba o mo khothalletsa hore a bale litlhahiso tse hlahang thutong ea 2 e buang ka ho hōlisa bana. Mosali eo o ile a thabela ho nka bukana eo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela