Le se ke la Lebala ba Mahaeng a Maqheku
1. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re finyelle batho ba lulang mahaeng a maqheku ka litaba tse molemo?
1 Matsatsing ana batho bangata ba tšoaroa ke mafu a bakoang ke botsofali. (Moek. 12:1-7) Kaha batho ba bang ba hōlileng ba lula mahaeng a maqheku ha ho bonolo ho ba fumana ha re etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo. Sena se etsahala le linaheng tseo ho tloaelehileng hore batsoali ba hōlileng ba lule le bana ba bona kapa le beng ka bona. Le hoja ho ka etsahala hore ebe ha ba sa khona ho tsamaea kapa ho hopola lintho habobebe, batho ba hōlileng le ba bang ba lulang mahaeng a maqheku ba ntse ba ka khona ho ithuta ka Jehova ’me ba utloisisa seo ba ithutang sona ka eena le ho mo rata. Re ka etsa joang hore re buisane le bona ka litaba tse molemo tse ka ba tlisetsang “tšepo e thabisang”?—Tite 2:13.
2. Ke joang re ka etsang lethathamo la mahae a maqheku ao re ka a etelang?
2 Tsela ea ho Qala: Ka tloaelo linomoro tsa mahae ana a maqheku li ka fumanoa Inthaneteng kapa bukeng ea lithelefono. Le ka sheba linomoro tsa libaka tsena tlas’a “nursing homes [mahae a maqheku].” Molebeli oa tšebeletso ke eena ea ka sehloohong ea ka khethang bahoeletsi ba tšoanelehang hore ba etele libaka tsena. Ha re lokisetsa hantle ’me re tšepile Jehova, re tla khona ho qalisa thuto le sehlopha sa batho ba lulang mahaeng a maqheku.—Liprov. 21:5;1 Joh. 5:14, 15.
3, 4. (a) Re lokela ho kōpa mang ha re batla ho qalisa thuto ea sehlopha? (b) Re ka hlalosa tokisetso ea thuto eo joang?
3 Tsela eo re tla kōpa ho qalisa thuto ea sehlopha ka eona, e tla itšetleha ka libaka. Mahaeng a maholo moo ho lulang maqheku a mangata le basebetsi ho molemo hore re kōpe motho ea amohelang baeti hore a re kopanye le mookameli. Mahaeng a manyenyane teng, moo ho lulang maqheku a seng makae le bahlokomeli ba babeli kapa ba bararo, ho ka ba molemo ho lokisetsa nako ea ho buisana le mong’a sebaka ka ho toba.
4 Maemong ana kaofela hlalosa hore u moithaopi ea khothatsang batho ba ratang ho bala Bibele le ho qoqa ka eona. Botsa hore na ho na le maqheku a ka ratang ho qoqa ka Bibele e le sehlopha hang ka beke ka metsotso e ka bang 30. Ho na le lingoliloeng tse ngata tseo le ka li sebelisang empa batho ba bangata ba hlokometse hore Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele le ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela lia ratoa. U ka ’na ua bontša mong’a sebaka libuka tsena. Le ka etsa qeto le eena ea hore na thuto e tla tšoareloa hokae, hona neng, ebe boitsebiso boo bo behoa lematjaneng la litsebiso. U se ke ua tšaba ho bolela hore u Paki ea Jehova. Ka nako e tšoanang bolella mookameli oa sebaka hore ha ua tlela ho kenya kereke empa u tletse ho khothalletsa batho ho ithuta Bibele.
5. Ke lintlha life tse ka etsang hore thuto e be monate e be e ruise batho molemo?
5 Ho Khanna Thuto: Tsela eo thuto e khannoang ka eona e tla itšetleha ka maemo a sebaka, kahoo re lokela ho tenyetseha le ho sebelisa temoho. Motho ea khannang thuto o lokela ho tla le libuka tse ’maloa tse ithutoang ’me o lokela ho li nka ha thuto e fela. Ho ka ’na ha hlokahala hore le ee le lingoliloeng tsa mongolo o moholo bakeng sa ba bang. Thuto ena e tšoaroa ka tsela e tloaelehileng ea lipotso le likarabo ka mor’a hore lirapa li baloe. Batho ba lakatsang le ba nang le bokhoni ba ho bala ba ka bala lirapa kapa litemana tsa Bibele. Nakong ea thuto lekang ho akarelletsa motho e mong le e mong, khothatsang ’me le be mosa. Ka linako tse ling le ka kōpa mookameli hore le bapale livideo tsa mokhatlo tse hahang tumelo Bibeleng kapa tsa tlaleho e itseng ea Bibele. Mohlomong le ka khona ho qala le ho koala thuto ka thapelo. Bahoeletsi ba bang bona ba ruta liithuti lipina tsa ’Muso.
6. Re ka buisana joang le motho ea hanyetsang?
6 Re lokela ho etsa joang haeba ho e-na le motho ea hanyetsang ntlha e itseng ha thuto e tsoela pele? Re lokela ho araba ka bohlale. (Bakol. 4:6) Mohlomong re ka araba ka bokhutšoanyane ka lengolo la Bibele le buang ka taba eo ka ho toba. Haeba e se bohlale ho araba ka nako eo, ho ka ba molemo hore re mo lebohe ha a ntšitse maikutlo ’me re tšepise hore re tla mo araba ka mor’a thuto.
7. U ka etsa’ng haeba motho ea lulang lehaeng la maqheku a botsa potso kapa a bontša hore o rata ho ithuta?
7 Ka linako tse ling motho ea lulang lehaeng la maqheku a ka botsa potso kapa a bontša hore o lakatsa ho ithuta ka ho eketsehileng. Morali e mong oabo rōna o ee a re: “U botsitse potso e ntle haholo. Empa kaha ke potso ea hao mohlomong ’na le uena re ka buisana ka eona ha re se re qetile ho bala.” Hangata hoa khoneha ho tšoara thuto ea Bibele le ba bang ba thahasellang ka nako e ’ngoe ’me e tšoareloe sebakeng sesele.
8. Re ka tlaleha thuto ea Bibele ea sehlopha kapa ea batho ka bomong joang?
8 Hangata ho molemo hore ka linako tsohle e be batho ba le bang ba khannang thuto ea sehlopha lehaeng la maqheku. Mohoeletsi e mong le e mong ea kopanelang thutong a ka tlaleha nako eo. Ha thuto e se e tsitsitse, mohoeletsi ea e khannang a ka tlaleha leeto la ho boela lekhetlo ka leng leo a e khannileng ka lona le thuto ea Bibele hang ka khoeli. Lithuto tse qalisoang le batho ka bomong ba lulang lehaeng la maqheku, li lokela ho tlalehoa ka tsela e tloaelehileng.
9, 10. Batho ba khannang lithuto tsa sehlopha ba lokela ho ba le litšobotsi life? Hlalosa.
9 E Khanne Kamehla: Ho molemo hore ho behoe letsatsi le nako e tsitsitseng ea ho tšoara thuto ea sehlopha. Batho ba lulang mahaeng a maqheku le ba sebetsang teng ba tla lebella hore kamehla thuto e tšoaroe ka nako. Lekhetlo ka leng e qale e be e fele ka nako. (Mat. 5:37) Kahoo ho hlokahala boikitlaetso, cheseho le tlhophiso. Ho bonahetse hore ho molemo ha bahoeletsi ba babeli ba tšoanelehang ba thusana ho khanna thuto ea sehlopha. (Moek. 4:9, 10) Mahaeng a maholo ho ka hlokahala ba bangatanyana.
10 Ho bohlokoa hore bahoeletsi ba rate batho ’me ba be botsoalle. (Bafil. 2:4) Lekhetlong la pele, iphe nako ea ho tseba e mong le e mong ea tlileng thutong. Ngola mabitso a bona ’me u leke ho a tšoara ka hlooho pele le kopana lekhetlong le latelang. Leha ho le joalo, maqheku a mang a nka hore aa telloa ha a bitsolloa feela. Ha re ba mamella le ho ba qenehela ba tla ikutloa ba ratoa.
11. Bahoeletsi ba khannang thuto ea sehlopha ba ka bontša tlhompho ho basebetsi le beng ka maqheku joang?
11 Ho boetse ho bohlokoa ho ba mosa le ho hlompha basebetsi le beng ka batho ba lulang mahaeng a maqheku. Hang ha thuto e se e tsitsitse e ka ba bohlale ho se fetole nako ea thuto le mokhoa oo e tšoaroang ka oona re sa buisana le mookameli oa sebaka. Nako le nako re ka botsa mookameli oa sebaka hore na o bona thuto ena e tsoela liithuti molemo. Ha maqheku a etetsoe ke beng ka ’ona nakong ea thuto, iphe nako ea ho ba tseba. Ba hlalosetse morero oa thuto. Ba kholise hore u etsa sena hobane u rata beng ka bona. U ka ba kōpa hore ba lule ’me ba mamele.
12, 13. Pheta liphihlelo tse bontšang melemo ea ho paka mahaeng a maqheku.
12 Liphello: Ho na le liphutheho le balebeli ba tsamaeang ba faneng ka litlaleho tse monate mabapi le tšebeletso ena. Ha thuto e ne e tšoaroa ka lekhetlo la pele lehaeng le leng, ho ile ha tla batho ba ka bang 20. Sena se ile sa etsa hore batho ba 6 ba khanneloe lithuto ’me mosali e mong a qetella a kolobelitsoe. Thuto e ’ngoe ea sehlopha e ile ea susumetsa nkhono e mong ea lilemo li 85 hore a kopanele a be a bolele hore o batla ho kolobetsoa. Ha ho ne ho etsoa qeto ea ho ntlafatsa litšebeletso tsa lehae le leng, e leng se neng se etsa hore thuto ea sehlopha e khaotse, batho ba hōlileng ba neng ba lula teng ba ile ba tletlebela mookameli oa lehae leo. Qetellong thuto eo e ile ea tsosolosoa ’me ka mor’a moo maqheku a ka bang 25 ho ea ho a 30 a ne a e-ba teng.
13 Lerato leo re le bontšang batho ba lulang mahaeng a maqheku ha le ame bona feela ka ho teba empa le ama le batho ba bang. Ka mohlala ho tloaelehile hore basebetsi ba lule, ba mamele ba be ba kopanele ha thuto e ntse e tsoela pele. Boiteko boo re bo etsang ho bontša maqheku hore rea a rata, bo boetse bo fana ka bopaki le ho batho ba bang. (1 Pet. 2:12) Ka mor’a ho bolelloa morero oa thuto ena, mookameli e mong o ile a re: “E ka be e le khale le tlile! Le tla qala neng?” Mookameli e mong eena o ile a re: “Ke lakatsa eka lehae le leng le le leng la maqheku le ka ba le thuto ea mofuta ona. Lipaki Tsa Jehova li etsa tšebeletso ena mahala e le karolo ea mosebetsi oo li o etsetsang sechaba.” Lehae le leng la maqheku la Hawaii le ile la fa Lipaki Tsa Jehova setifikeiti se bontšang kamoo mosebetsi oa tsona oa boithaopo e leng “letlotlo le se nang theko” ho batho ba lulang lehaeng leo.
14. Ke hobane’ng ha re batla ho pakela maqheku?
14 Jehova o mema maqheku hore a mo rorise. (Pes. 148:12, 13) Memo eo e akarelletsa le ba lulang mahaeng a maqheku. Na sebakeng sa heno ho na le mahae a maqheku moo batho ba hōlileng ba ka ruang molemo ka ho utloa litaba tse molemo? Ka thuso ea baholo le baokameli ba mahae a mang a maqheku re ka pakela maqheku a lulang ho ’ona. Ha re hopola maqheku, re etsisa Jehova.—Pes. 71:9, 18.