Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/14 leq. 2
  • Ho Hlalosa Seo re se Lumelang ka Selemo sa 1914

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlalosa Seo re se Lumelang ka Selemo sa 1914
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lihlooho Tse re Thusang Tšebeletsong ea Rōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • ’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 2)
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • ’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa? (Karolo ea 1)
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • ‘U Ntatele U sa Khaotse’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 10/14 leq. 2

SEHLOOHO SA KHOELI: “U BOLELE LENTSOE, U BE HO LONA KA HO PHEHELLA.”—2 TIM. 4:2.

Ho Hlalosa Seo re se Lumelang ka Selemo sa 1914

Mangolo a re khothalletsa hore re lule ‘kamehla re loketse ho ikarabella’ bakeng sa seo re se lumelang ’me re ‘etsa joalo ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.’ (1 Pet. 3:15) Ha e le hantle, re ka ’na ra thatafalloa ho hlalosa linnete tse tebileng tsa Bibele, tse kang hore na re tseba joang hore ’Muso o qalile ho busa ka 1914. E le hore re thusoe ntlheng ena, ho lokiselitsoe sehlooho se likarolo li peli se reng, “Moqoqo le Moahelani—’Muso oa Molimo o Qalile Neng ho Busa?” Sehlooho sena se tla hlaha limakasineng tsa Molula-Qhooa tseo re tla beng re li tsamaisa ka October le November. Ha u ntse u hlahloba lihlooho tsena, nahana ka lipotso tse latelang mabapi le tsela eo Cameron a buisanang le mong’a ntlo ka eona.

O ile a. . .

  • re’ng ha a babatsa mong’a ntlo e le hore a fumane ntlha eo ba lumellanang ka eona?—Lik. 17:22.

  • bontša boikokobetso joang ha a hlalosa seo a se lumelang?—Lik. 14:15.

Ke hobane’ng ha ho bile molemo hore . . .

  • nako le nako a akaretse ka bokhutšoanyane seo ba buileng ka sona pele a bua ka lintlha tse ling?

  • nako le nako a thōla-thōle ebe ka mor’a moo o botsa mong’a ntlo hore na o utloisisa seo a mo hlaloselitseng sona ho fihlela mothating oo?

  • a se ke a leka ho akaretsa boitsebiso bo bongata puisanong e le ’ngoe? —Joh. 16:12.

Ruri re lokela ho leboha Jehova, “Morupeli oa [rōna] e Moholo,” ka ho re ruta tsela eo re ka hlalosang linnete tse tebileng tsa Bibele ho batho ba li lapetseng!—Esa. 30:20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela